BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 30:12-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ha e lehodimong moo o ka reng: Ke mang ya tla nyolohela lehodimong bakeng sa rona, ho ya re latela yona, re tle re e utlwe, mme re etse ka yona?

13. Hape, ha e mose wane ho lewatle leo o ka reng: Ke mang ya tla tshela lewatle bakeng sa rona ho ya re latela yona, re tle re e utlwe, mme re etse ka yona?

14. Empa lentswe le haufiufi le wena, le molomong wa hao, le ka pelong ya hao, hore o etse ka lona.

15. Lemoha, kajeno ke beile pela hao bophelo le molemo, lefu le bobe.

16. Hobane ke a o laela kajeno hore o rate Jehova, Modimo wa hao, le ho tsamaya tseleng tsa hae, le ho boloka ditaelo tsa hae, le melao ya hae, le dikahlolo tsa hae, o tle o phele, o ngatafale, mme Jehova, Modimo wa hao, a tle a o hlohonolofatse naheng eo o yang ho e rua.

17. Empa ekare ha pelo ya hao e kgeloha, mme o hana ho utlwa, mme o hulelwa ho kgumamela medimo esele, le ho e sebeletsa,