BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 3:4-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Motsotsong oo, ra nka metse yohle ya hae; ha ho motse oo re sa kang ra o hapa; ra nka metse e mashome a tsheletseng, naha yohle ya Argobe, ke ho re, mmuso wa Oge, morena wa Bashane.

5. Metse eo yohle e ne e teetswe hare ke marako a malelele, e na le menyako le mekwallo, ho sa balwe metse e mengatangata e se nang marako.

6. Ra e neela anathema, jwalokaha re ne re entse ka Sihone, morena wa Heshbone; ra neela metse yohle hammoho le banna le basadi le bana anathema.

7. Ra mpa ra ikgapela makgomo wohle le thepa ya metse.

8. Ka mokgwa oo, mohlang oo, ra amoha marena a mabedi a Baamore naha e mose o kwana ho Jordane, ho tloha nokaneng ya Arnone, ho isa thabeng ya Hermone.

9. (Basidone ba bitsa Hermone Sirione, Baamore bona ba e bitsa Senire.)

10. Ra nka metse yohle e lehwatateng, le naha yohle ya Gileade, le ya Bashane, ho ya fihla Salka le Edrei, metse ya mmuso wa Oge, Bashane.

11. (Hobane Oge, morena wa Bashane, o ne a setse a nnotshi wa mofuta wa Barefaime. Ha ke re, malao a hae, e leng malao a tshepe a ntse a le Rabba, motseng wa bana ba Ammone? Bolelele ba wona ke ditswe tse robileng mono o le mong, mme bophara ba wona ke ditswe tse nne, ha ho lekanngwe ka setswe sa motho.)

12. Mohlang oo, ra hapa naha eo. Naha yohle, ho tloha Aroere e lebopong la nokana ya Arnone, ho isa bohareng ba thaba ya Gileade, le metse ya teng, ka e nea Barubene le Bagade.

13. Ho setseng ha Gileade, le naha yohle ya Bashane, e leng mmuso wa Oge, ka e nea mothapo o mong wa leloko la Manasse; ke naha ya Argobe, hammoho le naha yohle ya Bashane; ke yona naha e neng e bitswa naha ya Barefaime.

14. Jaire, mora Manasse, a nka naha yohle ya Argobe ho isa moeding wa Bageshure le wa Bamaakathe, mme a reella metse ya Bashane lebitso la hae; e ntse e le Havvoth-Jaire le kajeno.

15. Makire yena ka mo nea Gileade.

16. Haele Barubene le Bagade, ka ba nea karolo e nngwe ya naha ya Gileade ho isa nokaneng ya Arnone (bohare ba noka ke moedi) le ho isa nokaneng ya Jabboke, e leng moedi wa bana ba Ammone.

17. Ka ba nea le lehwatata, leo moedi wa lona e leng Jordane, ho tloha Kinnerethe ho isa Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, katlasa Pisga, nqa botjhabatsatsi.