BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 29:6-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Ha le a ka la ja bohobe, ha le a ka la nwa veine, leha e le tse bodila, le tle le tsebe hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.

7. Eitse mohla le fihlang nqalong ena, Sihone, morena wa Heshbone, le Oge, morena wa Bashane, ba ile ba tswa, ba tla ho re lwantsha, empa ra ba bolaya;

8. ra nka naha ya bona, ra e nea Barubene, le Bagade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, e be lefa la bona.

9. Bolokang ke hona ditaba tsa selekane sena, le di etse, le tle le atlehe tabeng tsohle tseo le tla di etsa.

10. Kajeno, emang kaofela ha lona pela Jehova, Modimo wa lona, le ena le dihlooho tsa meloko ya lona, le baholo ba lona, le bahlahlobi ba lona, le banna bohle ba Iseraele;

11. le bana ba lona, le basadi ba lona, le moditjhaba ya leng ho wena diahelong tsa hao, ho qala ka ya o rathelang patsi, ho isa ho ya o kgellang metsi;

12. o eme hore o tle o kene selekaneng sa Jehova, Modimo wa hao, mme o itlame ka kano ya hao, eo Jehova, Modimo wa hao, a e etsang le wena kajeno;

13. hore a o bee setjhaba sa hae kajeno, mme yena e be Modimo wa hao, jwalokaha a o boleletse, le jwalokaha a anetse bontatao, Abrahama, Isaaka, le Jakobo.

14. Hase le lona feela ke etsang selekane sena le kano ena;

15. empa ke e etsa le ya leng mona le rona kajeno, pela Jehova, Modimo wa rona, le eo ya leng siyo mona ho rona kajeno.

16. Hobane le a tseba le lona kamoo re neng re ahile lefatsheng la Egepeta kateng, le kamoo re fetileng hara ditjhaba tseo le tsamaileng hara tsona kateng;

17. le bone manyala a tsona, le ditshwantsho tsa tsona tse entsweng ka mahong le ka majwe, ka silefera le ka kgauta, tse leng hara tsona.

18. Iponeleng ke hona hore kajeno ho se be monna hara lona, kapa mosadi, kapa ntlo, kapa leloko leo pelo tsa lona di ka fapohang Jehova, Modimo wa rona, ho ya sebeletsa medimo ya ditjhaba tseo, mme ho se ke ha eba ho lona motso o hlahisang bore le lengana.

19. E mong ha a utlwile dipolelo tsa thohako ya kano ena ya lona, ekare ha a ka ithorisa pelong ya hae, a re: Ke tla ba le kgotso, leha ke tsamaya kamoo pelo ya ka e thata e lakatsang kateng, hore ke timetse se noseditsweng le se omileng;

20. Jehova o tla hana ho mo tshwarela; empa kgalefo ya Jehova le poulelo ya hae di tla tukela motho eo; dithohako tsohle tse ngodilweng bukeng ena di tla mo wela hodimo; mme Jehova o tla hlakola lebitso la hae tlasa lehodimo.

21. Jehova o tla mo kgetha melokong yohle ya Iseraele, a hlahelwe ke ditlokotsi tsa dithohako tsohle tsa selekane se ngodilweng bukeng ena ya melao.

22. Meloko e tlang, bana ba lona ba tla hlaha kamora lona, le moditjhaba ya tla tla a etswa naheng e hole, ha ba bona ditlokotsi tsa lefatshe lena, le dipabo tseo Jehova a le otlang ka tsona;

23. le lefatshe lena lohle e le sebabole, le letswai, le ho tjha, le sa jallwe, le sa behe letho, ho se jwang bo melang ho lona, ho tshwana le ho ripitlwa ha Sodoma, le ha Gomorra, le ha Adma, le ha Tseboime, metse e ripitlilweng ke Jehova bohaleng ba hae le kgalefong ya hae;