BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 29:21-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Jehova o tla mo kgetha melokong yohle ya Iseraele, a hlahelwe ke ditlokotsi tsa dithohako tsohle tsa selekane se ngodilweng bukeng ena ya melao.

22. Meloko e tlang, bana ba lona ba tla hlaha kamora lona, le moditjhaba ya tla tla a etswa naheng e hole, ha ba bona ditlokotsi tsa lefatshe lena, le dipabo tseo Jehova a le otlang ka tsona;

23. le lefatshe lena lohle e le sebabole, le letswai, le ho tjha, le sa jallwe, le sa behe letho, ho se jwang bo melang ho lona, ho tshwana le ho ripitlwa ha Sodoma, le ha Gomorra, le ha Adma, le ha Tseboime, metse e ripitlilweng ke Jehova bohaleng ba hae le kgalefong ya hae;

24. bona le ditjhaba tsohle ba tla re: Na ke ka baka lang ha Jehova a entse lefatshe lena jwalo? Kgalefo ya bohale bona bo boholo hakalo e tswa kae na?

25. Ho tla thwe: Ke kahobane ba lahlile selekane sa Jehova, Modimo wa bontata bona, seo a neng a se entse le bona, mohla a ba ntshang naheng ya Egepeta.

26. Hobane ba ile, mme ba sebeleditse medimo esele, ba e kgumametse, e leng medimo eo ba neng ba sa e tsebe, eo ba sa kang ba e newa ke Jehova.

27. Ke ka baka leo kgalefo ya Jehova e tuketseng lefatshe lena, ho hlahisa hodima lona dithohako tsohle tse ngodilweng bukeng ena.

28. Jehova o ba fothotse lefatsheng la bona ka kgalefo, ka bohale, le ka hlonamo e kgolo, mme o ba lahletse naheng esele, jwalokaha ho le jwalo le kajeno.

29. Ditaba tse patilweng ke tsa Jehova, Modimo wa rona, empa tse senotsweng ke tsa rona, le tsa bana ba rona ka ho sa feleng, re tle re etse ka ditaba tsohle tsa molao ona.