BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 28:57-68 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

57. o tla hana le mohlana wa hae, o tswang pakeng tsa maoto a hae, a hane le bana bao a tla ba tswala, hobane o tla ba ja sephiring ka ho hloka dintho tsohle, ka baka la ho thibellwa le la tsietsi e kgolo eo dira tsa hao di tla o tsietsa ka yona metseng yohle ya hao.

58. Ekare ha o sa itise ho etsa ka dipolelo tsohle tsa molao ona, tse ngodilweng bukeng ena, mme ha o sa tshabe lebitso leo le kganyang, le tshabehang la Jehova, Modimo wa hao,

59. Jehova o tla etsa hore dikotsi tsa hao, le dikotsi tsa ditloholo tsa hao, e be dikotsi tse makatsang, tse kgolo, tse sa feleng kapele, le mafu a mabe a hanellang ho wena.

60. O tla busetsa ho wena mafu wohle a Egepeta ao o a tshabileng, mme a tla o kgomarela.

61. Hape, Jehova o tla o hlahisetsa dipabo tsohle le dikotsi tsohle tse sa ngolwang bukeng ya molao ona, o be o fele.

62. Le tla sala le se bakae, leha pele le ne le le ka ka dinaledi tsa lehodimo ka bongata; kahobane o tla be o hanne ho utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa hao.

63. Jwalokaha Jehova a ne a le thabela ka ho le etsetsa molemo, le ka ho le atisa, le hona Jehova o tla thabela jwalo ho le fedisa, le ho le timeletsa; mme le tla fotholwa lefatsheng leo o yang ho le rua.

64. Jehova o tla o qhalanyetsa hara ditjhaba tsohle, ho qala pheletsong e nngwe ya lefatshe, ho isa ho e nngwe; mme teng o tla sebeletsa medimo esele, e sa kang ya tsejwa ke wena le ke bontatao, e leng medimo e entsweng ka mahong le ka majwe.

65. Ha o ka ke wa fumana kgatholoho hara ditjhaba tseo, mme bohato ba leoto la hao bo tla hloka phomolo; hobane hona teng Jehova o tla o nea pelo e thothomelang, le mahlo a bolea, le moya o tepeletseng.

66. Bophelo ba hao bo tla ba jwaloka ntho e tsukutlehang pela hao; o tla thothomela motshehare le bosiu, o se na tshepo ya ho pholoha.

67. Hosasa a tla re: Hoja e ka ba mantsiboya! Mantsiboya o re: Hoja e ka ba hosasa! ka baka la tshoho eo pelo ya hao e tla tshoswa ke yona, le ka baka la ditaba tsohle tseo mahlo a hao a tla di bona.

68. Jehova o tla o busetsa Egepeta ka dikepe, o boele o tsamaye tseleng eo ke neng ke itse ho wena: O ke ke wa boela wa e bona. Mme teng le tla ithekisa ho dira tsa lona, le be bafo ba batona le ba batshehadi; empa ho tla hlokwa ya le rekang.