BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 28:53-68 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

53. Etlare ha o thibeletswe jwalo, mme o le tsietsing e kgolo ya kamoo dira tsa hao di tla o tsietsa kateng, o tla ja se tswetsweng ke wena, nama ya bara ba hao le ya baradi ba hao, bao Jehova, Modimo wa hao, a o neileng bona.

54. Monna ya ithatang, ya kgesang ka ho fetisa hara lona, o tla tadima ka leihlo le lebe ngwanabo, le mosadi wa sefuba sa hae, le masala a bana ba hae, ao a sa setseng le wona;

55. o tla tima e mong le e mong wa bona nama ya bana ba hae bao a tla ba ja; kahobane a se a se na letho le salang ho yena, ka baka la ho thibellwa, le ho tsietswa haholo ke dira tsa hao, metseng yohle ya hao.

56. Mosadi ya ithatang, ya kgesang ka ho fetisa hara lona, ya tshabang ho bea bohato ba leoto la hae fatshe, ka baka la bonolo ba hae le la ho kgesa, o tla tadima ka leihlo le lebe monna wa sefuba sa hae, le mora wa hae, le moradi wa hae;

57. o tla hana le mohlana wa hae, o tswang pakeng tsa maoto a hae, a hane le bana bao a tla ba tswala, hobane o tla ba ja sephiring ka ho hloka dintho tsohle, ka baka la ho thibellwa le la tsietsi e kgolo eo dira tsa hao di tla o tsietsa ka yona metseng yohle ya hao.

58. Ekare ha o sa itise ho etsa ka dipolelo tsohle tsa molao ona, tse ngodilweng bukeng ena, mme ha o sa tshabe lebitso leo le kganyang, le tshabehang la Jehova, Modimo wa hao,

59. Jehova o tla etsa hore dikotsi tsa hao, le dikotsi tsa ditloholo tsa hao, e be dikotsi tse makatsang, tse kgolo, tse sa feleng kapele, le mafu a mabe a hanellang ho wena.

60. O tla busetsa ho wena mafu wohle a Egepeta ao o a tshabileng, mme a tla o kgomarela.

61. Hape, Jehova o tla o hlahisetsa dipabo tsohle le dikotsi tsohle tse sa ngolwang bukeng ya molao ona, o be o fele.

62. Le tla sala le se bakae, leha pele le ne le le ka ka dinaledi tsa lehodimo ka bongata; kahobane o tla be o hanne ho utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa hao.

63. Jwalokaha Jehova a ne a le thabela ka ho le etsetsa molemo, le ka ho le atisa, le hona Jehova o tla thabela jwalo ho le fedisa, le ho le timeletsa; mme le tla fotholwa lefatsheng leo o yang ho le rua.

64. Jehova o tla o qhalanyetsa hara ditjhaba tsohle, ho qala pheletsong e nngwe ya lefatshe, ho isa ho e nngwe; mme teng o tla sebeletsa medimo esele, e sa kang ya tsejwa ke wena le ke bontatao, e leng medimo e entsweng ka mahong le ka majwe.

65. Ha o ka ke wa fumana kgatholoho hara ditjhaba tseo, mme bohato ba leoto la hao bo tla hloka phomolo; hobane hona teng Jehova o tla o nea pelo e thothomelang, le mahlo a bolea, le moya o tepeletseng.

66. Bophelo ba hao bo tla ba jwaloka ntho e tsukutlehang pela hao; o tla thothomela motshehare le bosiu, o se na tshepo ya ho pholoha.

67. Hosasa a tla re: Hoja e ka ba mantsiboya! Mantsiboya o re: Hoja e ka ba hosasa! ka baka la tshoho eo pelo ya hao e tla tshoswa ke yona, le ka baka la ditaba tsohle tseo mahlo a hao a tla di bona.

68. Jehova o tla o busetsa Egepeta ka dikepe, o boele o tsamaye tseleng eo ke neng ke itse ho wena: O ke ke wa boela wa e bona. Mme teng le tla ithekisa ho dira tsa lona, le be bafo ba batona le ba batshehadi; empa ho tla hlokwa ya le rekang.