BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 28:42-60 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

42. Difate tsa hao tsohle, le tse behwang ke lefatshe, di tla senngwa ke makgokolo.

43. Baditjhaba ba ahileng haeno ba tla hola, ba o phahamele, haholoholo, mme wena o tla kokobela tlasetlase.

44. Ba tla namelwa ke wena, mme o ke ke wa namelwa ke bona; bona e tla ba hlooho, wena o tla ba marao.

45. Dithohako tseo kaofela di tla o hlahela, di o phallele, di o tshware, o be o timele; kahobane o tla be o hanne ho utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, le ho boloka ditaelo tsa hae le melao ya hae, eo a o laelang yona;

46. mme dithohako tseo di tla ba hodima hao, le hodima ditloholo tsa hao, kamehla, e be dipontsho le mehlolo.

47. Kahobane o tla be o sa ka wa sebeletsa Jehova, Modimo wa hao, ka thabo le ka pelo e monate, ka baka la ho atelwa ke ntho tsohle,

48. o tla sebeletsa dira tsa hao, tseo Jehova a tla di roma ho tla o lwantsha, o di sebeletse o lapile, o nyorilwe, o hlobotse, o hloka ntho tsohle; mme di tla bea joko ya tshepe molaleng wa hao, di be di o fedise.

49. Jehova o tla lata setjhaba se hole se qetellong ya lefatshe, se lebelo jwaloka ntsu e fofang, ho tla o lwantsha, setjhaba seo o ke keng wa utlwa puo ya sona,

50. setjhaba se thata, se ke keng sa tadima maqheku ka mohau, leha e le ho hauhela ba batjha.

51. Se tla ja katiso ya makgomo a hao, le dijo tsa lefatshe la hao, o be o fele; se ke ke sa o tlohella letho leha e le koro, leha e le veine e ntjha, leha e le ole, leha e le se tswalwang ke dikgomo le dinku tsa hao, se be se o fedise.

52. Se tla o thibella metseng yohle ya hao, marako a hao a malelele, a matla, ao o a tshepileng naheng yohle ya hao, a be a wele fatshe; se tla o thibella metseng yohle ya hao lefatsheng lohle leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona.

53. Etlare ha o thibeletswe jwalo, mme o le tsietsing e kgolo ya kamoo dira tsa hao di tla o tsietsa kateng, o tla ja se tswetsweng ke wena, nama ya bara ba hao le ya baradi ba hao, bao Jehova, Modimo wa hao, a o neileng bona.

54. Monna ya ithatang, ya kgesang ka ho fetisa hara lona, o tla tadima ka leihlo le lebe ngwanabo, le mosadi wa sefuba sa hae, le masala a bana ba hae, ao a sa setseng le wona;

55. o tla tima e mong le e mong wa bona nama ya bana ba hae bao a tla ba ja; kahobane a se a se na letho le salang ho yena, ka baka la ho thibellwa, le ho tsietswa haholo ke dira tsa hao, metseng yohle ya hao.

56. Mosadi ya ithatang, ya kgesang ka ho fetisa hara lona, ya tshabang ho bea bohato ba leoto la hae fatshe, ka baka la bonolo ba hae le la ho kgesa, o tla tadima ka leihlo le lebe monna wa sefuba sa hae, le mora wa hae, le moradi wa hae;

57. o tla hana le mohlana wa hae, o tswang pakeng tsa maoto a hae, a hane le bana bao a tla ba tswala, hobane o tla ba ja sephiring ka ho hloka dintho tsohle, ka baka la ho thibellwa le la tsietsi e kgolo eo dira tsa hao di tla o tsietsa ka yona metseng yohle ya hao.

58. Ekare ha o sa itise ho etsa ka dipolelo tsohle tsa molao ona, tse ngodilweng bukeng ena, mme ha o sa tshabe lebitso leo le kganyang, le tshabehang la Jehova, Modimo wa hao,

59. Jehova o tla etsa hore dikotsi tsa hao, le dikotsi tsa ditloholo tsa hao, e be dikotsi tse makatsang, tse kgolo, tse sa feleng kapele, le mafu a mabe a hanellang ho wena.

60. O tla busetsa ho wena mafu wohle a Egepeta ao o a tshabileng, mme a tla o kgomarela.