BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 28:31-44 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

31. Dikgomo tsa hao di tla hlajwa mahlong a hao, mme ha o ka ke wa ja nama ya tsona; o tla amohuwa diesele tsa hao pontsheng ho wena, mme di ke ke tsa boela ho wena. Dira tsa hao di tla newa dinku tsa hao, mme o tla hloka ya o namolelang.

32. Bara ba hao le baradi ba hao ba tla neelwa setjhaba sesele, mme mahlo a hao a tla bona hoo, mme a tla teneha ke ho ba lebella letsatsi lohle, mme matla a tla ba siyo matsohong a hao.

33. Dijo tsa lefatshe la hao, le tsohle tsa ho sebetsa ha hao, di tla jewa ke setjhaba seo o sa se tsebeng; mme o tla hloriswa, o hatakelwe ka matsatsi wohle.

34. O tla be o hlanye ka baka la ditaba tseo o tla di bona ka mahlo a hao.

35. Jehova o tla o otla mangoleng le diropeng tsa hao ka diphatshwa tse bohlokohloko tse ke keng tsa fola, ho qala bohatong ba leoto ho isa hara hlooho.

36. Jehova o tla o isa, wena, le morena wa hao eo o tla ipeela yena setjhabeng seo wena le baholo ba hao o sa kang wa se tseba, mme teng o tla sebeletsa medimo esele e entsweng ka mahong le ka majwe;

37. mme o tla fetoha makalo, le sesomo, le tshomo hara ditjhaba tsohle tseo Jehova a tla o isa hara tsona.

38. O tla isa peo e ngata masimong a hao, empa o tla kotula ho seng hokae, hobane tsie e tla e ja.

39. O tla hloma merara, o e leme; empa ha o ka ke wa nwa veine ya yona, leha e le ho kotula ditholwana tsa yona, hobane di tla jewa ke diboko.

40. O tla ba le mehlwaare naheng yohle ya hao, empa ha o ka ke wa tlola ole, kahobane ditholwana tsa mehlwaare ya hao di tla hlohlorehela fatshe.

41. O tla tswala bara le baradi, empa e ke ke ya eba ba hao, hobane ba tla iswa kgolehong.

42. Difate tsa hao tsohle, le tse behwang ke lefatshe, di tla senngwa ke makgokolo.

43. Baditjhaba ba ahileng haeno ba tla hola, ba o phahamele, haholoholo, mme wena o tla kokobela tlasetlase.

44. Ba tla namelwa ke wena, mme o ke ke wa namelwa ke bona; bona e tla ba hlooho, wena o tla ba marao.