BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 28:19-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. O tla rohakwa ho keneng ha hao, o rohakwe le ho tsweng ha hao.

20. Jehova o tla o romela thohako, letsoso, le tshwenyo, mererong yohle eo o tla kenya letsoho la hao ho yona, a be a o fedise, o timele kapele, ka baka la diketso tsa bolotsana tseo o tla mphuralla ka tsona.

21. Jehova o tla etsa hore lefu le o kgomarele, a be a o fedise lefatsheng leo o yang ho le rua.

22. Jehova o tla o otla ka lefu la matshwafo, ka febere, ka lefu le fubisang, ka pabo e tjhesang haholo, ka lerumo, ka komello, le ka phori; mme o tla lelekwa ke tsona, o be o timele.

23. Lehodimo la hao le kahodimo ho hlooho ya hao e tla ba koporo, mme lefatshe le katlasa hao e tla ba tshepe.

24. Jehova o tla nea lefatshe la hao lerole le lehlabathe bakeng sa pula; di tla o wela di tswa hodimo, o be o timele.

25. Jehova o tla etsa hore o hlolwe pontsheng ya dira tsa hao; o tla di futuhela ka tsela e le nngwe, mme o tla di balehela ka tsela tse supileng, mme o tla qhalanyetswa mebusong yohle ya lefatshe.

26. Setopo sa hao e tla ba sejo sa dinonyana tsohle tsa lehodimo, le sa dibatana tsa lefatshe, ho se motho ya di tshosang.

27. Jehova o tla o otla ka mofetshe wa Egepeta le ka dithopane, le ka lekgwekgwe, le ka lekgopho le ke keng la fola.

28. Jehova o tla o otla ka bohlanya, le ka bofofu, le ka ho ferekanngwa ha pelo.

29. O tla phopholetsa motshehare jwaloka sefofu se phopholetsang lefifing. O ke ke wa atleha ditabeng tsa hao. O tla hatakelwa, dintho tsa hao di hapuwe kamehla, ho se motho ya o namolelang.

30. O tla nyala mosadi, mme e mong o tla robala le yena; o tla haha ntlo, empa ha o ka ke wa dula ho yona; o tla hloma morara, empa ha o ka ke wa ikotulela ditholwana tsa wona.

31. Dikgomo tsa hao di tla hlajwa mahlong a hao, mme ha o ka ke wa ja nama ya tsona; o tla amohuwa diesele tsa hao pontsheng ho wena, mme di ke ke tsa boela ho wena. Dira tsa hao di tla newa dinku tsa hao, mme o tla hloka ya o namolelang.

32. Bara ba hao le baradi ba hao ba tla neelwa setjhaba sesele, mme mahlo a hao a tla bona hoo, mme a tla teneha ke ho ba lebella letsatsi lohle, mme matla a tla ba siyo matsohong a hao.