BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 28:15-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Empa ekare ha o sa utlwe lentswe la Jehova, Modimo wa hao, mme ha o sa itise ho boloka ditaelo tsa hae tsohle, le melao ya hae eo ke o laelang yona kajeno, dithohako tsena tsohle di tla o fihlela, di o tlele.

16. O tla rohakwa motseng, o rohakwe masimong.

17. Seroto sa hao, le morifi wa hao wa ho dubela bohobe, di tla rohakwa;

18. se tswalwang ke wena se tla rohakwa, le se behwang ke lefatshe la hao, le katiso ya makgomo a hao, le dikonyana tsa manku a hao.

19. O tla rohakwa ho keneng ha hao, o rohakwe le ho tsweng ha hao.

20. Jehova o tla o romela thohako, letsoso, le tshwenyo, mererong yohle eo o tla kenya letsoho la hao ho yona, a be a o fedise, o timele kapele, ka baka la diketso tsa bolotsana tseo o tla mphuralla ka tsona.

21. Jehova o tla etsa hore lefu le o kgomarele, a be a o fedise lefatsheng leo o yang ho le rua.

22. Jehova o tla o otla ka lefu la matshwafo, ka febere, ka lefu le fubisang, ka pabo e tjhesang haholo, ka lerumo, ka komello, le ka phori; mme o tla lelekwa ke tsona, o be o timele.

23. Lehodimo la hao le kahodimo ho hlooho ya hao e tla ba koporo, mme lefatshe le katlasa hao e tla ba tshepe.

24. Jehova o tla nea lefatshe la hao lerole le lehlabathe bakeng sa pula; di tla o wela di tswa hodimo, o be o timele.

25. Jehova o tla etsa hore o hlolwe pontsheng ya dira tsa hao; o tla di futuhela ka tsela e le nngwe, mme o tla di balehela ka tsela tse supileng, mme o tla qhalanyetswa mebusong yohle ya lefatshe.

26. Setopo sa hao e tla ba sejo sa dinonyana tsohle tsa lehodimo, le sa dibatana tsa lefatshe, ho se motho ya di tshosang.

27. Jehova o tla o otla ka mofetshe wa Egepeta le ka dithopane, le ka lekgwekgwe, le ka lekgopho le ke keng la fola.

28. Jehova o tla o otla ka bohlanya, le ka bofofu, le ka ho ferekanngwa ha pelo.