BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 27:4-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Etlare hobane le tshele Jordane, le tla emisa majwe ao thabeng ya Ebale, kamoo ke le laetseng kateng kajeno, o a tlotse ka kalaka.

5. Teng o tla hahela Jehova, Modimo wa hao, aletare ya majwe, ao o ke keng wa fihlisa tshepe ho wona.

6. Haha aletare ya Jehova, Modimo wa hao, ka majwe a sa betlwang, mme hodima yona o tle o hlabele, Jehova, Modimo wa hao, mahlabelo a ditjheso.

7. O tla hlaba le mahlabelo a teboho, mme o tla a ja hona teng, o thabe pela Jehova, Modimo wa hao.

8. Majweng ao o tla ngola dipolelo tsohle tsa molao ona, di ke di bonahale haholo.

9. Moshe le baprista ba Balevi ba bolella Baiseraele bohle, ba re: Iseraele, kgutsa, mme o mamele: Kajeno, o entswe setjhaba sa Jehova, Modimo wa hao.

10. Utlwa ke hona lentswe la Jehova, Modimo wa hao, o boloke ditaelo tsa hae le melao ya hae eo ke o laelang yona kajeno.

11. Hape, Moshe a laela setjhaba ka lona letsatsi leo, a re:

12. Etlere ha le tshetse Jordane, ba tla ema thabeng ya Gerisime ho hlohonolofatsa setjhaba e be bana: Simeone, Levi, Juda, Issaskare, Josefa le Benjamine.

13. Ba tla ema thabeng ya Ebale ho bolela dithohako e be bana: Rubene, Gade, Asere, Sabulone, Dane le Nefthali.

14. Balevi ba tla bua, ba re ho batho bohle ba Iseraele ka lentswe le phahameng:

15. Ho rohakwe motho ya etsang setshwantsho se betlilweng, kapa se tsholotsweng, e leng ntho e manyala ho Jehova, mosebetsi wa matsoho a sebetli, mme a se bea nqalong e itseng e sephiri! Mme setjhaba sohle se tla dumela, se re: Amen!

16. Ho rohakwe ya nyedisang ntatae, kapa mmae! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!

17. Ho rohakwe ya suthisang mekolokotwane ya wa habo! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!