BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 27:17-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Ho rohakwe ya suthisang mekolokotwane ya wa habo! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!

18. Ho rohakwe ya kgelosang sefofu tsela! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!

19. Ho rohakwe ya kgopamisang tokelo ya moditjhaba, le ya kgutsana, kapa ya mosadi wa mohlolohadi! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!

20. Ho rohakwe ya robalang le mosadi wa ntatae, hobane o apotse kobo ya ntatae! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!

21. Ho rohakwe ya robalang le phoofolo e nngwe! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!

22. Ho rohakwe ya robalang le kgaitsedi ya hae, kapa e leng moradi wa ntatae, kapa e leng moradi wa mmae! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!

23. Ho rohakwe ya robalang le matsalae! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!

24. Ho rohakwe ya otlang wa habo sephiring! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!

25. Ho rohakwe ya amohelang moputso ho bolaya motho ya se nang molato! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!