BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 27:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Moshe le baholo ba Iseraele, ba laela setjhaba, ba re: Bolokang ditaelo tsohle tseo ke le laelang tsona kajeno.

2. Etlere mohla le tshelang Jordane ho kena naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o fang yona, o ke o ikemisetse majwe a maholo, o a tlotse ka kalaka;

3. mme o tla ngola ho wona dipolelo tsohle tsa molao ona, ha o sa tswa tshela ho ya kena lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona, e leng lefatshe le kollang lebese le dinotshi, jwalokaha Jehova, Modimo wa bontatao, a o baletse.

4. Etlare hobane le tshele Jordane, le tla emisa majwe ao thabeng ya Ebale, kamoo ke le laetseng kateng kajeno, o a tlotse ka kalaka.

5. Teng o tla hahela Jehova, Modimo wa hao, aletare ya majwe, ao o ke keng wa fihlisa tshepe ho wona.

6. Haha aletare ya Jehova, Modimo wa hao, ka majwe a sa betlwang, mme hodima yona o tle o hlabele, Jehova, Modimo wa hao, mahlabelo a ditjheso.

7. O tla hlaba le mahlabelo a teboho, mme o tla a ja hona teng, o thabe pela Jehova, Modimo wa hao.

8. Majweng ao o tla ngola dipolelo tsohle tsa molao ona, di ke di bonahale haholo.

9. Moshe le baprista ba Balevi ba bolella Baiseraele bohle, ba re: Iseraele, kgutsa, mme o mamele: Kajeno, o entswe setjhaba sa Jehova, Modimo wa hao.

10. Utlwa ke hona lentswe la Jehova, Modimo wa hao, o boloke ditaelo tsa hae le melao ya hae eo ke o laelang yona kajeno.

11. Hape, Moshe a laela setjhaba ka lona letsatsi leo, a re: