BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 26:11-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. O tla thabela molemo wohle oo Jehova, Modimo wa hao, a o neileng wona, wena le ba ntlo ya hao; o thabe, wena, le Molevi, le moditjhaba ya ahileng haeno.

12. Etlare ha o qetile ho ntsha karolo ya leshome ya tseo o di kotulang selemong sa boraro, e leng selemo sa ho ntsha karolo ya leshome, o tla e nea Molevi, le moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi, ba tle ba e je metseng ya hao, mme ba kgore.

13. O tla re pela Jehova, Modimo wa hao: Ke ntshitse tlung ya ka tsohle tse kgethilweng, ke di neile Molevi, le moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi, ka ditaelo tsa hao tsohle tseo o nneileng tsona; ha ke a ka ka tlola letho la ditaelo tsa hao, mme ha ke a ka ka di lebala.

14. Ha ke a ka ka di ja bofifing ba ka; ha ke a ka ka nka letho ho tsona hore ke etse taba e ditshila, mme ha ke a ka ka di neela mofu. Ke bolokile lentswe la Jehova, Modimo wa ka, ke entse ka tsohle tseo o ntaetseng tsona.

15. Tadima, o le mahodimong, nqalong ya hao ya bokgethehi ba hao, mme o hlohonolofatse setjhaba sa hao sa Iseraele, le lefatshe leo o re neileng lona, jwalokaha o anetse bontata rona, e leng lefatshe le kollang lebese le dinotshi.

16. Kajeno, Jehova, Modimo wa hao, o o laela ho etsa ka melao ena le ditaelo tsena. Itise ke hona, o tle o di boloke, o di etse ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle.

17. O tiisitse kajeno hoba Jehova ke Modimo wa hao, le hoba o tla tsamaya ditseleng tsa hae, o boloke melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le dikahlolo tsa hae, mme o utlwe lentswe la hae.

18. Jehova le yena o tiisitse ho wena kajeno hoba o tla ba setjhaba sa hae sa sebele, jwalokaha a o baletse, o tle o boloke ditaelo tsa hae tsohle;

19. mme a o hodise, o phahame ka poko, ka botumo le ka kganya ho feta ditjhaba tsohle tseo a di entseng, mme o be setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao, jwalokaha a boletse.