BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 26:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Etlare hobane o kene lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona, ho ba lefa la hao, ha o se o le ruile, o ahile ho lona,

2. o tla nka dilopotsiya tsa tsohle tse behwang ke lefatshe, e leng tseo o di fumanang naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o fang yona o di bee serotong, o ye le tsona nqalong eo Jehova, Modimo wa hao a tla e kgetha, ho bea lebitso la hae ho yona.

3. O tla ya ho moprista ya tla ba teng mohlang oo, o re ho yena: Ke bolela kajeno pela Jehova, Modimo wa hao, hore ke kene lefatsheng leo Jehova a anetseng bontata rona hore o tla re fa lona.

4. Moprista o tla nka seroto matsohong a hao a se bee pela aletare ya Jehova, Modimo wa hao.

5. Teng o tla bolela, o re pela Jehova, Modimo wa hao: Ntate e ne e le Moarame wa mosepedi; o ne a theohele Egepeta, a ahella teng a ena le batho ba seng bakaenyana; a fetoha teng setjhaba se seholo, se matla, se atileng haholo.

6. Baegepeta ba re etsa hampe, ba re hlorisa, ba re jarisa bohlanka bo thata.