BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 24:8-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Lemoha lefu la lepera, o tle o hlokomele ho etsa tsohle tseo baprista ba Balevi ba tla le ruta tsona. Itiseng, le etse ka tseo ke ba laetseng tsona.

9. Hopola seo Jehova, Modimo wa hao, a se entseng Miriame, tseleng, ha le sa tswa tloha Egepeta.

10. Ha o namelwa dintho tse ding ke ngwaneno, o se ke wa kena tlung ya hae.

11. O mpe o eme kantle, mme motho ya o nametseng, o tla o tlisetsa tebeletso kantle.

12. Ekare ha e le motho ya fumanehileng, o se ke wa robala o ena le tebeletso ya hae;

13. o mpe o busetse tebeletso ho yena, ha letsatsi le dikela, a tle a robale ka kobo ya hae, mme a o hlohonolofatse; ho wena hoo e tla ba ho loka pela Jehova, Modimo wa hao.

14. O se ke wa ja mothoduwa, ya fumanehileng, ya hlokang, kapa e leng e mong wa banabeno, kapa e leng wa baditjhaba ba ahileng naheng ya hao le metseng ya hao.

15. Ha letsatsi le eso ho dikele o tle o mo nee moputso wa hae wa letsatsi leo a sebeditseng ka lona; hobane ke mofumanehi, mme pelo ya hae e lebeletse moputso; o mo nee, esere mohlomong a howeletsa ho Jehova ka baka la hao, mme sebe sa eba teng ho wena.

16. Bontata bana ba se ke ba bolawa ka baka la bana ba bona, le bana ba se ke ba bolawa ka baka la bontata bona; e mong le e mong a bolaelwe sebe seo e leng sa hae.

17. O se ke wa kgopamisa nyewe ya moditjhaba, leha e le ya kgutsana, mme o se ke wa nka kobo ya mosadi wa mohlolohadi ho e etsa tebeletso.

18. O mpe o hopole hobane o bile mofo Egepeta, le hobane Jehova, Modimo wa hao, o o lopolotse teng; ke ka baka leo ke o laelang ho etsa jwalo.

19. Etlere ha o hela koro masimong a hao, ha o lebetse ngata e nngwe tshimong, o se ke wa kgutlela ho ya e nka; e ke e tlohellwe moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi, hore Jehova, Modimo wa hao, a o hlohonolofatse mesebetsing yohle ya matsoho a hao.

20. Etlere ha o hlohlorile mehlwaare ya hao, o se ke wa romela ho kgwahlapisa kamora hao; se setseng e be sa moditjhaba, le sa kgutsana, le sa mosadi wa mohlolohadi.

21. Leha o kotula merara ya hao, o se ke wa kgwahlapisa se setseng kamora hao, e be sa moditjhaba, le sa kgutsana, le sa mosadi wa mohlolohadi.

22. O nne o hopole hobane o bile mofo naheng ya Egepeta; ke ka baka leo ke o laelang ho etsa ditaba tsena.