BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 24:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Etlere motho ha a nkile mosadi, a mo nyetse, ha a sa kgahliswe ke yena, kahobane a fumane taba e mpe ho yena, a ke a mo ngolle lengolo la tlhalo, a le bee letsohong la mosadi eo, mme a mo kgutlise tlung ya hae.

2. Etlare hobane mosadi a tswe tlung ya hae, o tla ikela, a be le tokelo ya ho nyalwa ke monna e mong.

3. Ha monna eo wa morao a mo hloya, mme a mo ngolla lengolo la tlhalo, a mo nea lona letsohong la hae, mme a mo kgutlisa tlung ya hae; kapa leha mohlomong ho eshwa monna ya mo nkileng morao ho mo etsa mosadi wa hae;

4. monna eo wa pele, ya mo hladileng, a ke ke a boela a mo nka ho mo etsa mosadi wa hae, ha mosadi a se a silafaditswe; hobane hoo ke manyala pela Jehova; lefatshe leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona ho le rua, o se ke wa le jarisa sebe.

5. Etlere motho ha a sa tswa nyala mosadi, a se ke a ya ntweng, mme a se ke a jariswa mosebetsi o mong. O tla newa sebaka sa ho itulela hae selemo, a thabise mosadi eo a mo nyetseng.