BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 23:6-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. O se ke wa ba batlela kgotso, leha e le molemo, ka matsatsi wohle a hao.

7. O se ke wa hloya Moedomo, hobane ke ngwaneno; o se ke wa hloya Moegepeta, hobane o ne o le mojaki naheng ya hae.

8. Bana ba bona, ba tswallwang bona molokong wa boraro wa ditloholwana, ba tla kena phuthehong ya Jehova.

9. Ha o futuhela dira tsa hao, o itshabise tsohle tse mpe.

10. Ekare ha e mong wa heno a sa hlweka ka baka la taba e mo hlahetseng bosiu, a tswele kantle ho diahelo, mme a se ke a kena diahelong.

11. Ha e se e batla e eba mantsiboya, a ke a itlhatswe ka metsi, mme a boele diahelong, ha letsatsi le diketse.

12. O be le nqalo kantle ho diahelo eo o tswelang ho yona, mohlabeng.

13. O be le kepa diphahlong tsa hao, mme ha o etswa ho ya dula kantle, o tjheke sekoti ka yona, o ntoo kwahela se tswileng ho wena.

14. Hobane Jehova, Modimo wa hao, o tsamaya hara diahelo tsa hao ho o boloka, le ho neela dira tsa hao matsohong a hao. Diahelo tsohle tsa hao di ke di hlweke ke hona, mme Jehova a se ke a bona taba e ditshila ha hao, a tle a se ke a o furalla.

15. Mohlanka ya tshabetseng ha eno, ya balehelang monga hae, o se ke wa mo busetsa ho monga hae;

16. a mpe a dule le wena, haeno, nqalong eo a tla e kgetha motseng o mong wa hao, moo a tla rata teng; mme o se ke wa mo tshwenya.

17. Ho se ke ha eba seotswa hara baradi ba Iseraele; hape, ho se ke ha eba le a mong wa bara ba Iseraele ya ineelang bohlola.