BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 23:13-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. O be le kepa diphahlong tsa hao, mme ha o etswa ho ya dula kantle, o tjheke sekoti ka yona, o ntoo kwahela se tswileng ho wena.

14. Hobane Jehova, Modimo wa hao, o tsamaya hara diahelo tsa hao ho o boloka, le ho neela dira tsa hao matsohong a hao. Diahelo tsohle tsa hao di ke di hlweke ke hona, mme Jehova a se ke a bona taba e ditshila ha hao, a tle a se ke a o furalla.

15. Mohlanka ya tshabetseng ha eno, ya balehelang monga hae, o se ke wa mo busetsa ho monga hae;

16. a mpe a dule le wena, haeno, nqalong eo a tla e kgetha motseng o mong wa hao, moo a tla rata teng; mme o se ke wa mo tshwenya.

17. Ho se ke ha eba seotswa hara baradi ba Iseraele; hape, ho se ke ha eba le a mong wa bara ba Iseraele ya ineelang bohlola.

18. O se ke wa hlahisa ka tlung ya Jehova, Modimo wa hao, moputso wa seotswa, leha e le theko ya ntja, bakeng sa kano eo o itlamileng ka yona; hobane ntho tse pedi tseo ke manyala pela Jehova, Modimo wa hao.

19. O se ke wa adima ngwaneno ka ho batla phahello ya ditjhelete, kapa phahello ya dijo, leha e le phahello ya dintho tse ding tse ka namuwang ka phahello.

20. O ka adima moditjhaba ka ho batla phahello; o mpe o adime ngwaneno o sa batle phahello, hore Jehova, Modimo wa hao, a tle a o hlohonolofatse mesebetsing yohle ya matsoho a hao naheng eo o yang ho e rua.

21. Etlere ha o itlamile ka kano ho Jehova, Modimo wa hao, o se ke wa dieha ho e phetha; hobane Jehova, Modimo wa hao, o tla e botsa ho wena, mme sebe se tla ba teng ha o ka dieha.

22. Empa ha o sa itlame ka kano, sebe se tla ba siyo ho wena.

23. Se boletsweng ke melomo ya hao, o se hopole, o se etse kamoo o itlamileng ho Jehova kateng, Modimo wa hao, e be mpho ya boithatelo ba hao, e boletsweng ke melomo ya hao.

24. Ha o kena tshimong ya wa heno ya morara, o ka ja ditholwana tsa wona kamoo o lakatsang kateng, wa ba wa kgora; empa ha o tloha teng, o se ke wa nka letho serotong sa hao.

25. Leha o kena tshimong ya wa heno ya koro, o ka kga diqwapi ka matsoho a hao, o mpe o se ke wa kenya sekele korong ya wa heno.