BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 23:10-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Ekare ha e mong wa heno a sa hlweka ka baka la taba e mo hlahetseng bosiu, a tswele kantle ho diahelo, mme a se ke a kena diahelong.

11. Ha e se e batla e eba mantsiboya, a ke a itlhatswe ka metsi, mme a boele diahelong, ha letsatsi le diketse.

12. O be le nqalo kantle ho diahelo eo o tswelang ho yona, mohlabeng.

13. O be le kepa diphahlong tsa hao, mme ha o etswa ho ya dula kantle, o tjheke sekoti ka yona, o ntoo kwahela se tswileng ho wena.

14. Hobane Jehova, Modimo wa hao, o tsamaya hara diahelo tsa hao ho o boloka, le ho neela dira tsa hao matsohong a hao. Diahelo tsohle tsa hao di ke di hlweke ke hona, mme Jehova a se ke a bona taba e ditshila ha hao, a tle a se ke a o furalla.

15. Mohlanka ya tshabetseng ha eno, ya balehelang monga hae, o se ke wa mo busetsa ho monga hae;

16. a mpe a dule le wena, haeno, nqalong eo a tla e kgetha motseng o mong wa hao, moo a tla rata teng; mme o se ke wa mo tshwenya.

17. Ho se ke ha eba seotswa hara baradi ba Iseraele; hape, ho se ke ha eba le a mong wa bara ba Iseraele ya ineelang bohlola.

18. O se ke wa hlahisa ka tlung ya Jehova, Modimo wa hao, moputso wa seotswa, leha e le theko ya ntja, bakeng sa kano eo o itlamileng ka yona; hobane ntho tse pedi tseo ke manyala pela Jehova, Modimo wa hao.

19. O se ke wa adima ngwaneno ka ho batla phahello ya ditjhelete, kapa phahello ya dijo, leha e le phahello ya dintho tse ding tse ka namuwang ka phahello.

20. O ka adima moditjhaba ka ho batla phahello; o mpe o adime ngwaneno o sa batle phahello, hore Jehova, Modimo wa hao, a tle a o hlohonolofatse mesebetsing yohle ya matsoho a hao naheng eo o yang ho e rua.

21. Etlere ha o itlamile ka kano ho Jehova, Modimo wa hao, o se ke wa dieha ho e phetha; hobane Jehova, Modimo wa hao, o tla e botsa ho wena, mme sebe se tla ba teng ha o ka dieha.

22. Empa ha o sa itlame ka kano, sebe se tla ba siyo ho wena.