10. Ekare ha e mong wa heno a sa hlweka ka baka la taba e mo hlahetseng bosiu, a tswele kantle ho diahelo, mme a se ke a kena diahelong.
11. Ha e se e batla e eba mantsiboya, a ke a itlhatswe ka metsi, mme a boele diahelong, ha letsatsi le diketse.
12. O be le nqalo kantle ho diahelo eo o tswelang ho yona, mohlabeng.
13. O be le kepa diphahlong tsa hao, mme ha o etswa ho ya dula kantle, o tjheke sekoti ka yona, o ntoo kwahela se tswileng ho wena.
14. Hobane Jehova, Modimo wa hao, o tsamaya hara diahelo tsa hao ho o boloka, le ho neela dira tsa hao matsohong a hao. Diahelo tsohle tsa hao di ke di hlweke ke hona, mme Jehova a se ke a bona taba e ditshila ha hao, a tle a se ke a o furalla.
15. Mohlanka ya tshabetseng ha eno, ya balehelang monga hae, o se ke wa mo busetsa ho monga hae;
16. a mpe a dule le wena, haeno, nqalong eo a tla e kgetha motseng o mong wa hao, moo a tla rata teng; mme o se ke wa mo tshwenya.
17. Ho se ke ha eba seotswa hara baradi ba Iseraele; hape, ho se ke ha eba le a mong wa bara ba Iseraele ya ineelang bohlola.
18. O se ke wa hlahisa ka tlung ya Jehova, Modimo wa hao, moputso wa seotswa, leha e le theko ya ntja, bakeng sa kano eo o itlamileng ka yona; hobane ntho tse pedi tseo ke manyala pela Jehova, Modimo wa hao.
19. O se ke wa adima ngwaneno ka ho batla phahello ya ditjhelete, kapa phahello ya dijo, leha e le phahello ya dintho tse ding tse ka namuwang ka phahello.