BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 23:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Monna ya lehaole, kapa e leng ya entsweng lona ka kotsi, kapa e leng ya entsweng lona ke batho ka thipa, a ke ke a kena phuthehong ya Jehova.

2. Ya tswetsweng ka bohlola a ke ke a kena phuthehong ya Jehova, esita le ditlohotloholwana tsa hae tsa leloko la leshome di ke ke tsa kena phuthehong ya Jehova.

3. Moammone le Momoabe ba ke ke ba kena phuthehong ya Jehova; esita le ditlohotloholwana tsa bona tsa leloko la leshome di ke ke tsa kena phuthehong ya Jehova, le ka mohla o le mong;

4. kahobane ha ba ka ba tla le kgahlanyetsa tseleng ka bohobe le ka metsi, mohla le tswang Egepeta; le kahobane ba ne ba putse Balaame, mora Peore, wa Pethore naheng ya Mesopotamia, hore a o rohake.

5. Leha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa hao, ha a ka a dumela ho utlwa Balaame, empa Jehova, Modimo wa hao, thohako eo o o fetoletse yona hlohonolofatso, kahobane Jehova, Modimo wa hao, o a o rata.

6. O se ke wa ba batlela kgotso, leha e le molemo, ka matsatsi wohle a hao.

7. O se ke wa hloya Moedomo, hobane ke ngwaneno; o se ke wa hloya Moegepeta, hobane o ne o le mojaki naheng ya hae.

8. Bana ba bona, ba tswallwang bona molokong wa boraro wa ditloholwana, ba tla kena phuthehong ya Jehova.

9. Ha o futuhela dira tsa hao, o itshabise tsohle tse mpe.

10. Ekare ha e mong wa heno a sa hlweka ka baka la taba e mo hlahetseng bosiu, a tswele kantle ho diahelo, mme a se ke a kena diahelong.

11. Ha e se e batla e eba mantsiboya, a ke a itlhatswe ka metsi, mme a boele diahelong, ha letsatsi le diketse.

12. O be le nqalo kantle ho diahelo eo o tswelang ho yona, mohlabeng.

13. O be le kepa diphahlong tsa hao, mme ha o etswa ho ya dula kantle, o tjheke sekoti ka yona, o ntoo kwahela se tswileng ho wena.