BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 22:9-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. O se ke wa jala peo tsa mefuta tshimong ya hao ya morara, esere ho beha ha tseo o di jadileng, le ho beha ha morara, tsa o senyehela.

10. O se ke wa lema ka kgomo le esele di bofilwe hammoho.

11. O se ke wa apara seaparo se lohilweng ka dintho tse sa tshwaneng, jwaloka boya ba dinku le lene hammoho.

12. Etsa ditjellane masotong a mane a kobo eo o ikapesang ka yona.

13. Etlare ha monna e mong a nyala mosadi, mme a ya ho yena, a ntoo mo hloya,

14. mme a mo tlama ka ditaba tse mpehadi, tse senyang lebitso la hae, a mo hobosa, a re: Ke nkile mosadi eo, mme ha ke tlile ho yena, ha ke a ka ka fumana dipontsho tsa borwetsana ho yena;

15. moo ntata morwetsana le mmae ba tla nka dipontsho tsa borwetsana ba mosadi eo, ba di hlahise pela baholo ba motse, kgorong.

16. Ntata morwetsana o tla bolella baholo, a re: Ke neile monna enwa moradi wa ka hore e be mosadi wa hae, mme jwale o mo hloile;

17. bonang, o mmeile taba tse mpehadi, a re: Ha ke a ka ka fumana dipontsho tsa borwetsana ho moradi wa hao. Athe bonang, dipontsho tsa borwetsana tsa moradi wa ka ke tsena. Jwale ba tla phutholla kobo pela baholo ba motse.

18. Baholo ba motse oo ba tla tshwara monna eo, ba mo otle.

19. Mme kahobane o hobositse morwetsana wa Iseraele ka ho senya lebitso le hae, ba tla mo lefisa ka dishekele tse lekgolo tsa silefera, tse tla newa ntata morwetsana; mme e tla nne e be mosadi wa hae; a ke ke a mo hlala, ha a ntse a phela.