BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 22:19-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Mme kahobane o hobositse morwetsana wa Iseraele ka ho senya lebitso le hae, ba tla mo lefisa ka dishekele tse lekgolo tsa silefera, tse tla newa ntata morwetsana; mme e tla nne e be mosadi wa hae; a ke ke a mo hlala, ha a ntse a phela.

20. Empa etlare ha taba e boletsweng ke yena e le ya nnete, e reng, dipontsho tsa borwetsana ha di a ka tsa fumanwa ho morwetsana eo;

21. ba tla ntsha morwetsana, ba mo tlise pela monyako wa ntlo ya ntatae, mme batho ba motse oo ba tla mo tlapunya ka majwe, a shwe, kahobane o entse manyala Iseraeleng, ka ho ineela bohlola tlung ya ntatae. Tlosa bobe haeno jwalo.

22. Ha ho ka fumanwa monna ya robalang le mosadi ya nyetsweng ke e mong, ba shwe ba babedi, monna le mosadi ba robetseng hammoho. Tlosa bobe jwalo Iseraeleng.

23. Etlare ha morwetsana a lebeleditswe ke monna, mme monna e mong a mo fumana motseng, a robala le yena,

24. moo le tla ba ntsha ba babedi, le ba ise kgorong ya motse, mme le ba tlapunye ka majwe, ba shwe: morwetsana, kahobane ha a ka a memetsa a le motseng, monna, kahobane a sentse mosadi wa ngwanabo. Tlosa bobe haeno jwalo.

25. Etlare ha monna a fumana naheng morwetsana ya lebeleditsweng, mme monna eo a mmeta, a robala le yena, moo monna ya robetseng le morwetsana eo o tla shwa yena a nnotshi.

26. Haele morwetsana, o ke ke wa mo etsa letho; morwetsana ha a ka a etsa sebe se tshwanelang lefu; hobane taba eo e dutse jwaloka ya motho ha a tsohela e mong matla, mme a mmolaya;

27. hobane morwetsana ya lebeleditsweng o fumanwe ke eo naheng, mme o memeditse, mme ho ne ho se e mong ya ka mo namolelang.

28. Etlare ha monna a fumana morwetsana ya sa lebeletswang, mme a mmeta, a robala le yena, mme ba bonwa;

29. monna ya robetseng le yena o tla nea ntata morwetsana dishekele tse mashome a mahlano tsa silefera, mme morwetsana e tla ba mosadi wa hae, kahobane o mo tlotlolotse; mme a ke ke a mo lahla, ha a ntse a phela.

30. Monna a se ke a nka mosadi wa ntatae, mme a se ke a apola kobo ya ntatae.