BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 22:13-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Etlare ha monna e mong a nyala mosadi, mme a ya ho yena, a ntoo mo hloya,

14. mme a mo tlama ka ditaba tse mpehadi, tse senyang lebitso la hae, a mo hobosa, a re: Ke nkile mosadi eo, mme ha ke tlile ho yena, ha ke a ka ka fumana dipontsho tsa borwetsana ho yena;

15. moo ntata morwetsana le mmae ba tla nka dipontsho tsa borwetsana ba mosadi eo, ba di hlahise pela baholo ba motse, kgorong.

16. Ntata morwetsana o tla bolella baholo, a re: Ke neile monna enwa moradi wa ka hore e be mosadi wa hae, mme jwale o mo hloile;

17. bonang, o mmeile taba tse mpehadi, a re: Ha ke a ka ka fumana dipontsho tsa borwetsana ho moradi wa hao. Athe bonang, dipontsho tsa borwetsana tsa moradi wa ka ke tsena. Jwale ba tla phutholla kobo pela baholo ba motse.

18. Baholo ba motse oo ba tla tshwara monna eo, ba mo otle.

19. Mme kahobane o hobositse morwetsana wa Iseraele ka ho senya lebitso le hae, ba tla mo lefisa ka dishekele tse lekgolo tsa silefera, tse tla newa ntata morwetsana; mme e tla nne e be mosadi wa hae; a ke ke a mo hlala, ha a ntse a phela.

20. Empa etlare ha taba e boletsweng ke yena e le ya nnete, e reng, dipontsho tsa borwetsana ha di a ka tsa fumanwa ho morwetsana eo;

21. ba tla ntsha morwetsana, ba mo tlise pela monyako wa ntlo ya ntatae, mme batho ba motse oo ba tla mo tlapunya ka majwe, a shwe, kahobane o entse manyala Iseraeleng, ka ho ineela bohlola tlung ya ntatae. Tlosa bobe haeno jwalo.

22. Ha ho ka fumanwa monna ya robalang le mosadi ya nyetsweng ke e mong, ba shwe ba babedi, monna le mosadi ba robetseng hammoho. Tlosa bobe jwalo Iseraeleng.