BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 2:4-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. O laele setjhaba, o re: Le a feta meeding ya banababo lona, bana ba Esau ba ahileng Seire, mme ba tla le tshaba. Iponeleng haholo ke hona;

5. le se ke la qabana le bona, hobane ha nka ke ka le nea letho naheng ya bona, leha e le sebaka se ka ka se ka hatwang ke leoto; hobane ke neile Esau thaba ye Seire, e be lefa la hae.

6. Le tla reka ho bona ka tjhelete dijo tseo le tla di ja; le tla ba lefa ka tjhelete bakeng sa metsi ao le tla a nwa.

7. Hobane Jehova, Modimo wa hao, o o hlohonolofaditse mesebetsing yohle ya matsoho a hao; o lemohile ho tsamaya ha hao lefeelleng leno le leholo; e se e le dilemo tse mashome a mane Jehova, Modimo wa hao, a leng ho wena, mme ha o a ka wa hloka letho.

8. Ra feta jwalo, ra kwekwetla banababo rona, bana ba Esau ba ahileng Seire, le tsela ya lehwatata, le Elathe, le Etsione-Gebere, ra ntoo fapoha, ra ya tsamaya ka tsela ya lefeella la Moabe.

9. Jehova a re ho nna: O se ke wa qala Bamoabe, mme o se ke wa ba lwantsha, hobane ha nka ke ka o nea letho naheng ya bona; kahobane ke neile bana ba Lota Are, hore e be lefa la bona.

10. (Baemime ba ne ba ahile teng pele; e ne e le setjhaba se seholo, se sengata, se boemo bo bolelele jwaloka ba Baanake.

11. Le bona ba ne ba tumile, ho thwe, ke Barefaime (diqhobane), jwaloka Baanake; empa Bamoabe ba ne ba ba bitsa Baemime.

12. Mohla monene Bahore ba ne ba ahile Seire, empa bana ba Esau ba ne ba ba falatse, ba ba qeta pela bona, mme ba aha tulong tsa bona, jwalokaha le bona Baiseraele ba entse lefatsheng leo ba le filweng ke Jehova.)

13. Emang jwale, mme le tshele nokana ya Serede. Mme ra tshela nokana ya Serede.