BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 2:26-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Eitse ha re fihla lefeelleng la Kedemothe, ka romela manqosa ho Sihone, morena wa Heshbone, ka mantswe a kgotso, ka re:

27. A nke ke fete ka naha ya hao. Ke tla tsamaya ka tsela a bohle feela, ke sa fapohe ho ya ka letsoho le letona, leha e le ka ho le letshehadi.

28. Ke tla reka ho wena ka tjhelete dijo tseo ke tla di ja, mme o nnee ka tjhelete metsi ao ke tla a nwa; ke rata ho feta feela ka maoto a ka.

29. O nketsetse jwalokaha bana ba Esau ba ahileng Seire ba nketseditse, le jwaloka Bamoabe ba ahileng Are, ke be ke tshele Jordane, ke fihle lefatsheng leo Jehova, Modimo wa rona, a re neang lona.

30. Empa Sihone, morena wa Heshbone, a hana ho re nea sebaka sa ho feta ha hae; hobane Jehova, Modimo wa hao, o ne a thatafaditse moya wa hae, a sataladitse le pelo ya hae, hore a mo neele matsohong a hao, jwalokaha ho le jwalo kajeno.

31. Yaba Jehova o re ho nna: Bona, ke qadile ho neela Sihone le naha ya hae matsohong a hao. Qala ho hapa naha ya hae, o e rue.

32. Yaba Sihone o tswa le setjhaba sa hae, a re kgahlanyetsa Jahatse ka ntwa.

33. Jehova, Modimo wa rona, a re neela yena, mme ra mo hlola, yena le bana ba hae, le setjhaba sa hae kaofela.

34. Motsotsong oo, ra hapa metse yohle ya hae, ra e neela anathema, le banna, le basadi, le bana, re se ke ra tlohela le a mong ya phonyohang.

35. Feela ra ikgapela makgomo le thepa ya metse eo re e nkileng.

36. Ho qala ka Aroere, e lebopong la nokana ya Arnone, le motse o leng pela nokana, ho isa Gileade, ha ho a ka ha eba motse o re sitang. Jehova, Modimo wa rona, a re neela yona kaofela.

37. Haele naha ya bana ba Ammone, ha o a ka wa e atamela, leha e le lebopo lohle la nokana ya Jabboke, le metse e thabeng, leha e le sebaka sefe le sefe seo Jehova, Modimo wa rona, a neng a re hanetse ho atamela pela sona.