BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 2:16-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Eitse hobane banna bohle ba ntwa ba timele setjhabeng,

17. Jehova a bua le nna, a re:

18. Kajeno, o ya feta meeding ya Moabe, Are;

19. mme o tla atamela pela bana ba Ammone. O se ke wa ba qala, mme o se ke wa ba lwantsha; hobane ha nka ke ka o nea letho naheng ya bana ba Ammone; hobane ke e neile bana ba Lota hore e be lefa la bona.

20. [Le yona naha eo e ne e tumile, ka ho re, ke naha ya Barefaime; mohla monene Barefaime ba ne ba ahile ho yona; empa Baammone ba ne ba re, ke Basamsummime.

21. E ne e le setjhaba se seholo, se sengata, se boemo bo bolelele jwaloka Baanake. Jehova a ba fedisa pela bana ba Ammone; yaba bao ba ba lelekisa, mme ba aha tulong tsa bona.

22. Jehova o ne a etse jwalo le bakeng sa bana ba Esau ba ahileng Seire, mohla a fedisang Bahore pela bona, ba ba ba ba lelekisa; ba ile ba aha tulong tsa bona ho fihlela kajeno.

23. Haele Baavvime ba neng ba ahile metebong ho ya fihla Gasa, Bakaftorime ba tswileng Kaftore, ba ba fedisa, ba ba ba aha tulong tsa bona.]

24. Tlohang, le tsamaye, mme le tshele nokana ya Arnone. Bona, ke neetse Sihone, morena wa Heshbone, le Maomore, le naha ya hae, matsohong a hao. Qala ho hapa naha eo, mme o mo lwantshe.

25. Kajeno, ke tla qala ho tshollela ditjhaba tse katlasa lehodimo lohle tshoho le tshabo ya hao; etlere ha di utlwa botumo ba hao, di thothomele, mme di tsielehe pela hao.

26. Eitse ha re fihla lefeelleng la Kedemothe, ka romela manqosa ho Sihone, morena wa Heshbone, ka mantswe a kgotso, ka re:

27. A nke ke fete ka naha ya hao. Ke tla tsamaya ka tsela a bohle feela, ke sa fapohe ho ya ka letsoho le letona, leha e le ka ho le letshehadi.

28. Ke tla reka ho wena ka tjhelete dijo tseo ke tla di ja, mme o nnee ka tjhelete metsi ao ke tla a nwa; ke rata ho feta feela ka maoto a ka.

29. O nketsetse jwalokaha bana ba Esau ba ahileng Seire ba nketseditse, le jwaloka Bamoabe ba ahileng Are, ke be ke tshele Jordane, ke fihle lefatsheng leo Jehova, Modimo wa rona, a re neang lona.

30. Empa Sihone, morena wa Heshbone, a hana ho re nea sebaka sa ho feta ha hae; hobane Jehova, Modimo wa hao, o ne a thatafaditse moya wa hae, a sataladitse le pelo ya hae, hore a mo neele matsohong a hao, jwalokaha ho le jwalo kajeno.