BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 2:14-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Haele dilemo tseo re nnileng ra tsamaya ka tsona, ho tloha Kadeshe-Barnea, ho isa tsatsing leo re tshetseng nokana ya Serede ka lona, ya eba dilemo tse mashome a mararo a metso e robileng meno e le mmedi, mofuta wohle wa bana ba ntwa o be o fele diahelong, kamoo Jehova a neng a ba hlapanyeditse kateng.

15. Efela letsoho la Jehova la nna la eba hodima bona hore le ba timetse diahelong, ho fihlela ba ba ba fela.

16. Eitse hobane banna bohle ba ntwa ba timele setjhabeng,

17. Jehova a bua le nna, a re:

18. Kajeno, o ya feta meeding ya Moabe, Are;

19. mme o tla atamela pela bana ba Ammone. O se ke wa ba qala, mme o se ke wa ba lwantsha; hobane ha nka ke ka o nea letho naheng ya bana ba Ammone; hobane ke e neile bana ba Lota hore e be lefa la bona.

20. [Le yona naha eo e ne e tumile, ka ho re, ke naha ya Barefaime; mohla monene Barefaime ba ne ba ahile ho yona; empa Baammone ba ne ba re, ke Basamsummime.

21. E ne e le setjhaba se seholo, se sengata, se boemo bo bolelele jwaloka Baanake. Jehova a ba fedisa pela bana ba Ammone; yaba bao ba ba lelekisa, mme ba aha tulong tsa bona.

22. Jehova o ne a etse jwalo le bakeng sa bana ba Esau ba ahileng Seire, mohla a fedisang Bahore pela bona, ba ba ba ba lelekisa; ba ile ba aha tulong tsa bona ho fihlela kajeno.

23. Haele Baavvime ba neng ba ahile metebong ho ya fihla Gasa, Bakaftorime ba tswileng Kaftore, ba ba fedisa, ba ba ba aha tulong tsa bona.]