BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 2:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ra sokoloha, ra leba nqa lefeelleng ka tsela ya Lewatle le Lefubedu, kamoo Jehova a neng a mpoleletse kateng, mme ra potoloha thaba ya Seire ka ditshiu tse telele.

2. Jehova a mpolella, a re:

3. Le potolohile thaba ena nako e lekaneng; lebang nqa leboya.

4. O laele setjhaba, o re: Le a feta meeding ya banababo lona, bana ba Esau ba ahileng Seire, mme ba tla le tshaba. Iponeleng haholo ke hona;

5. le se ke la qabana le bona, hobane ha nka ke ka le nea letho naheng ya bona, leha e le sebaka se ka ka se ka hatwang ke leoto; hobane ke neile Esau thaba ye Seire, e be lefa la hae.

6. Le tla reka ho bona ka tjhelete dijo tseo le tla di ja; le tla ba lefa ka tjhelete bakeng sa metsi ao le tla a nwa.

7. Hobane Jehova, Modimo wa hao, o o hlohonolofaditse mesebetsing yohle ya matsoho a hao; o lemohile ho tsamaya ha hao lefeelleng leno le leholo; e se e le dilemo tse mashome a mane Jehova, Modimo wa hao, a leng ho wena, mme ha o a ka wa hloka letho.

8. Ra feta jwalo, ra kwekwetla banababo rona, bana ba Esau ba ahileng Seire, le tsela ya lehwatata, le Elathe, le Etsione-Gebere, ra ntoo fapoha, ra ya tsamaya ka tsela ya lefeella la Moabe.

9. Jehova a re ho nna: O se ke wa qala Bamoabe, mme o se ke wa ba lwantsha, hobane ha nka ke ka o nea letho naheng ya bona; kahobane ke neile bana ba Lota Are, hore e be lefa la bona.

10. (Baemime ba ne ba ahile teng pele; e ne e le setjhaba se seholo, se sengata, se boemo bo bolelele jwaloka ba Baanake.

11. Le bona ba ne ba tumile, ho thwe, ke Barefaime (diqhobane), jwaloka Baanake; empa Bamoabe ba ne ba ba bitsa Baemime.