BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 19:3-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. O tla lokisa ditsela, mme o tla arola dinaha tsa lefatshe leo Jehova o a fang lona ho le rua, o etse dikarolo tse tharo, hore mmolai e mong le e mong a balehele teng.

4. Haele mmolai ya ka balehelang teng ho boloka ho phela ha hae, ha e ke e be ya tshohileng a bolaya wa habo a sa rate, eo a neng a sa mo hloya maoba le maobane.

5. Jwaloka e mong ha a ka ya le wa habo morung ho rema difate, mme ha a otlolla letsoho la hae ho rema sefate ka selepe, tshepe ya pshemoha morianeng, mme wa habo a batwa ke yona, a shwa; motho eo a ke a balehele ho o mong wa metse eo, mme a pholohe;

6. esere mohlomong mophetetsi wa madi a phallela mmolai, ha pelo ya hae e sa le bohale, mme ha tsela e le telele, a mo tshwara, mme a mmolaya, leha a sa tshwanelwa ke lefu; athe o ne a sa hloya wa habo maobane le maoba.

7. Ke ka baka leo ke o laelang, ke re: Ikgethele metse e meraro.

8. Etlare ha Jehova, Modimo wa hao, a namisa meedi ya hao, kamoo a anetseng bontatao kateng, mme a o nea lefatshe lohle leo a le baletseng bontatao hore o tla ba fa lona;

9. ha efela wena o boloka ditaelo tsohle tseo ke o laelang tsona kajeno, o rata Jehova, Modimo wa hao, mme o tsamaya kamehla tseleng tsa hae, o tla eketsa metse eo e meraro ka metse e meng e meraro,

10. hore madi a se nang molato a se ke a tshollwa lefatsheng la hao, leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona ho le rua, mme molato wa madi o be siyo ho wena.

11. Empa ekare ha e mong a hloile wa habo, a mo lalla, a mo tsohela matla, mme a mmolaya a eshwa, mme a balehela ho o mong wa metse eo,

12. moo, baholo ba motse wa habo ba tla romela ho mo ntsha teng, ba mo neele matsohong a mophetetsi wa madi, a tle a shwe.

13. Mahlo a hao a se ke a mo qenehela, o mpe o tlose Iseraeleng madi a se nang molato, o tle o be le lehlohonolo.