BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 19:15-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Paki e le nngwe e ke ke ya lekana ho bea motho molato wa bokgopo, kapa wa sebe sefe le sefe, kapa wa tshito efe le efe eo a ka beng a sitilwe ka yona; empa taba e tla tiiswa ke melomo ya paki tse pedi, kapa ke melomo ya dipaki tse tharo.

16. Ekare ha paki ya leshano e ema ho qosa motho ka taba ya molato,

17. batho ba babedi ba nang le nyewe hammoho, ba tla hlaha pela Jehova, pela baprista le baahlodi ba leng teng mehleng eo;

18. Baahlodi ba tla batlisisa haholo, mme ha ho fumanwa hobane paki eo ke paki ya leshano e qositseng ngwanabo yona ka leshano,

19. moo le tla etsa ho motho eo jwalokaha a ne a hopotse ho etsa ho ngwanabo. Tlosa bobe haeno jwalo.

20. Ba bang ba tla utlwa hoo, ba tla tshaba, mme ba ke ke ba etsa bobe bo bokalo haeno le ka mohla o le mong.

21. Mahlo a hao a se ke a mo qenehela; bophelo bo lefuwe ka bophelo, leihlo ka leihlo, leino ka leino, letsoho ka letsoho, le leoto ka leoto.