BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 18:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Baprista ba Balevi, leloko lohle la Levi, ba ke ke ba eba le kabelo, leha e le lefa, jwaloka Baiseraele ba bang; ba tla ja mahlabelo a Jehova a ditjheso, le lefa la hae.

2. Ba ke ke ba eba le lefa hara banababo bona; Jehova ke lefa la bona, jwalokaha a ba boleletse.

3. Tseo baprista ba tla ba le tokelo ya ho di nka ho ba hlahisetsang Modimo sehlabelo, ke tsena: leha e ka ba kgomo, kapa nku, ho newe moprista letsoho, le dihlaya, le mohodu.

4. O mo nee le dilopotsiya tsa koro ya hao, le tsa veine e ntjha ya hao, le tsa ole ya hao, le dilopotsiya tsa boya ba dinku tsa hao.

5. Hobane Jehova, Modimo wa hao o mo kgethile hara meloko ya hao yohle, hore a eme pela hae ho sebetsa ka lebitso la Jehova, e le yena le bara ba hae kamehla.

6. Ekare ha Molevi a etswa motseng o mong wa metse ya hao, nqalong tsohle tse Iseraeleng tseo a ahileng ho tsona, mme a etla ka takatso yohle ya moya wa hae nqalong eo Jehova a tla e kgetha;

7. o tla etsa tshebeletso ya teng ka lebitso la Jehova, Modimo wa hae, jwaloka banababo bohle ba Balevi ba emang teng pela Jehova,

8. a je kabelo e tshwanang le tsa ba bang, ho sa balwe seo a ka bang le sona ka thekiso ya ntho tsa baholo ba hae.

9. Etlare hobane o kene lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona, o ke ke wa ithuta ho etsa ka manyala a ditjhaba tsa teng.

10. Ho se ke ha fumanwa haeno motho ya fetisang mora wa hae, leha e le moradi wa hae mollong, leha e le mophofi ya phofang, kapa selaodi se laolang, kapa senohe, kapa moloi,

11. le moupelli, leha e le ya botsang badimo, le ngaka e reng e a porofeta, leha e le ya botsang bafu;

12. hobane bohle ba etsang ditaba tseo, ba manyala ho Jehova, mme ke ka baka la manyala ao Jehova, Modimo wa hao, a falatsang ditjhaba tseno pela hao.