BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 17:8-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Ekare ha ho hlaha taba e thata, eo o sitwang ho e ahlola mahareng a madi le madi, le mahareng a nyewe le nyewe, le mahareng a leqeba, e leng ditaba tse tsekwang metseng ya hao, teng o tla tloha, o nyolohele nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha;

9. o tla ya ho baprista ba Balevi, le ho moahlodi ya tla bang teng mohlang oo, o ba botse; mme ba tla o tsebisa kahlolo e loketseng.

10. O tla etsa ka tseo ba tla o bolella tsona nqalong e tla kgethwa ke Jehova, o hlokomele ho etsa ka tsohle tseo ba tla o ruta tsona.

11. O etse se bolelwang ke molao oo ba tla o ruta ka wona, le ka kahlolo eo ba tla o bolella yona; o se fapohe taba tseo ba tla o bolella tsona ka ho ya ka letsohong le letona, leha e le ho le letshehadi.

12. Haele motho ya etsang ka boikgohomoso, ya hanang ho utlwa moprista ya emeng hona teng ho sebeletsa Jehova, Modimo wa hao, kapa moahlodi, motho eo a shwe, mme o tlose bobe Iseraeleng.

13. Batho bohle ba tla utlwa, ba tshabe, mme ba ke ke ba hlola ba ikgantsha le ka mohla o le mong.

14. Etlare hobane o kene naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o neang yona, ha o se o e ruile, o ahile ho yona, leha o ka re: Ke tla ipeela morena jwaloka ditjhaba tsohle tse nteetseng hare;

15. o ipeele morena ya tla kgethwa ke Jehova, Modimo wa hao; motho ya tla bewa morena ke wena, e be e mong wa banabeno; o ke ke wa bea moditjhaba, e leng motho eo e seng ngwaneno.

16. Feela a se ke a ipokellela dipere tse ngata, mme a se ke a busetsa setjhaba Egepeta, ho bokella dipere tse ngata; hobane Jehova o le boleletse, a re: Le se ke la boela la tsamaya ka tsela eo.

17. Hape, a se ke a nyala basadi ba bangata, pelo ya hae e tle e se ke ya kgeloha; silefera le kgauta a se ke a ipokellela tsona haholo.