2. Ha ho fumanwa ha eno, motseng o mong wa eo Jehova, Modimo wa hao, a tla o nea yona, monna, kapa mosadi ya etsang bobe pela Jehova, Modimo wa hao, ka ho tlola selekane sa hae;
3. leha e le ya yang ho sebeletsa le ho kgumamela medimo esele, leha e ka ba letsatsi, kapa kgwedi, kapa makgotla wohle a dinaledi tsa lehodimo, e leng taba eo ke sa kang ka o laela yona;
4. ha o ka bolellwa, wa utlwa hoo, batlisisa hantle, mme ha o fumana hobane taba e boletsweng ke ya nnete, mme ho tiiswa hore manyala a itseng a entswe Iseraeleng;
5. ntsha monna eo, kapa mosadi eo, ya entseng taba eo e mpe, o mo ise dikgorong tsa hao; mme kapa e leng monna, kapa e leng mosadi, o tle o mo tlepetse ka majwe, a shwe.
6. Ya tshwanelwang ke lefu, a bolawe ka melomo ya dipaki tse pedi, kapa tse tharo; empa a se ke a bolawa ka molomo wa paki e le nngwe.
7. Matsoho a dipaki e be wona a bewang pele hodima hae ho mmolaya, e ntano ba matsoho a batho bohle. Tlosa bobe haeno jwalo.
8. Ekare ha ho hlaha taba e thata, eo o sitwang ho e ahlola mahareng a madi le madi, le mahareng a nyewe le nyewe, le mahareng a leqeba, e leng ditaba tse tsekwang metseng ya hao, teng o tla tloha, o nyolohele nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha;
9. o tla ya ho baprista ba Balevi, le ho moahlodi ya tla bang teng mohlang oo, o ba botse; mme ba tla o tsebisa kahlolo e loketseng.
10. O tla etsa ka tseo ba tla o bolella tsona nqalong e tla kgethwa ke Jehova, o hlokomele ho etsa ka tsohle tseo ba tla o ruta tsona.
11. O etse se bolelwang ke molao oo ba tla o ruta ka wona, le ka kahlolo eo ba tla o bolella yona; o se fapohe taba tseo ba tla o bolella tsona ka ho ya ka letsohong le letona, leha e le ho le letshehadi.
12. Haele motho ya etsang ka boikgohomoso, ya hanang ho utlwa moprista ya emeng hona teng ho sebeletsa Jehova, Modimo wa hao, kapa moahlodi, motho eo a shwe, mme o tlose bobe Iseraeleng.
13. Batho bohle ba tla utlwa, ba tshabe, mme ba ke ke ba hlola ba ikgantsha le ka mohla o le mong.
14. Etlare hobane o kene naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o neang yona, ha o se o e ruile, o ahile ho yona, leha o ka re: Ke tla ipeela morena jwaloka ditjhaba tsohle tse nteetseng hare;