BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 17:12-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Haele motho ya etsang ka boikgohomoso, ya hanang ho utlwa moprista ya emeng hona teng ho sebeletsa Jehova, Modimo wa hao, kapa moahlodi, motho eo a shwe, mme o tlose bobe Iseraeleng.

13. Batho bohle ba tla utlwa, ba tshabe, mme ba ke ke ba hlola ba ikgantsha le ka mohla o le mong.

14. Etlare hobane o kene naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o neang yona, ha o se o e ruile, o ahile ho yona, leha o ka re: Ke tla ipeela morena jwaloka ditjhaba tsohle tse nteetseng hare;

15. o ipeele morena ya tla kgethwa ke Jehova, Modimo wa hao; motho ya tla bewa morena ke wena, e be e mong wa banabeno; o ke ke wa bea moditjhaba, e leng motho eo e seng ngwaneno.

16. Feela a se ke a ipokellela dipere tse ngata, mme a se ke a busetsa setjhaba Egepeta, ho bokella dipere tse ngata; hobane Jehova o le boleletse, a re: Le se ke la boela la tsamaya ka tsela eo.

17. Hape, a se ke a nyala basadi ba bangata, pelo ya hae e tle e se ke ya kgeloha; silefera le kgauta a se ke a ipokellela tsona haholo.

18. Etlare hobane a dule setulong sa borena ba hae, a ingolle buka ya molao oo, a nke ditaba bukeng e leng ho baprista ba Balevi.

19. Buka eo e dule ho yena, a e bale ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, a tle a ithute ho tshaba Jehova, Modimo wa hae, le ho boloka ditaba tsohle tsa molao ona, le tsa taelo tsena, mme a etse ka tsona.

20. Pelo ya hae e tle e se ke ya ikgohomosetsa banababo, mme a se ke a kgeloha molao ona ho ya ka letsohong le letona, kapa ho le letshehadi, a tle a ngatafatse matsatsi a hae a puso ya hae, e le yena le bana ba hae, hara setjhaba sa Iseraele.