BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 13:9-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. o mpe o mmolaye ruri; letsoho la hao e be lona le emang pele hodima hae ho mmolaya, e ntoo ba matsoho a setjhaba kaofela.

10. O mo tlapunye ka majwe, a shwe; kahobane a ratile ho o tlosa ho Jehova, Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, tlung ya bohlanka.

11. Baiseraele bohle ba tla utlwa, ba tshabe, mme ho ke ke ha hlola ho etswa bobe bo bokalo ha eno.

12. Ekare ha motseng o mong wa metse ya hao eo Jehova, Modimo wa hao, a tla o fa yona ho aha teng, o utlwa ho thwe:

13. Batho ba bolotsana ba tswile ho wena, mme ba kgelositse ba ahileng motseng wa bona, ka ho re: A re yeng, re sebeletse medimo esele eo le sa e tsebeng;

14. o tla batla o batlisise, o botsisise haholo. Ha o fumana hobane ke nnete le taba e tiileng, le hobane ho entswe manyala a kalo haeno,

15. teng o bolaye ruri ba ahileng motseng oo ka bohale ba lerumo, mme o o neele anathema, le dintho tsohle tse ho wona; esita le dikgomo tsa teng di bolawe ka bohale ba lerumo.

16. O tla bokella thepa yohle ya wona kahara lepatlelo, mme o tla tjhesetsa Jehova, Modimo wa hao, motse oo, le mesebetsi ya wona yohle, e tla nne e be qubu ya dithako kamehla, tse ke keng tsa boela tsa hahuwa.

17. Ho ke ke ha eba letho la tse neetsweng anathema le kgomarelang matsoho a hao, hore Jehova a kgutle pefong ya bohale ba hae, mme a o hauhele, a o rekolohele, mme a o atise jwalokaha a anetse bontatao,

18. ha o utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, o boloka ditaelo tsa hae tsohle, tseo ke o laelang tsona kajeno, mme o etsa se lokileng pela Jehova, Modimo wa hao.