BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 13:2-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. ha pontsho eo, kapa mohlolo oo a o boleletseng wona, o etsahala, mme a re ho wena: A re lateleng medimo esele, eo o sa e tsebeng, mme re e sebeletse;

3. o se ke wa mamela dipolelo tsa moporofeta eo, kapa tsa molori eo wa ditoro; hobane ke Jehova, Modimo wa lona, ya le lekang hore a tsebe ha le rata Jehova, Modimo wa lona, ka pelo tsa lona tsohle, le ka meya ya lona yohle.

4. Latelang Jehova, Modimo wa lona, le tshabe yena, le boloke ditaelo tsa hae, mme le utlwe lentswe la hae; le mo sebeletse, mme le mo kgomarele.

5. Empa moporofeta eo, kapa molori eo wa ditoro, o tla bolawa, kahobane a boletse tsa ho fetohela Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, ya o lopolotseng tlung ya bohlanka; o ratile ho o faposa tsela eo Jehova, Modimo wa hao, a o laetseng ho tsamaya ka yona. O tlose bobe ha eno jwalo.

6. Ekare ha ngwaneno, mora wa mmao, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mosadi wa sefuba sa hao, leha e ka ba motswalle wa hao ya leng jwaloka moya wa hao, a o susumetsa, a re ho wena ka sephiring: a re yeng, re sebeletse medimo esele, eo o sa kang wa e tseba, wena le bontatao,

7. e leng medimo ya ditjhaba tse kamathoko ho lona, leha e le tse leng haufi, leha e le tse leng hole, ho qala pheletsong e nngwe ya lefatshe ho isa pheletsong e nngwe;

8. o se ke wa mo dumella, mme o se ke wa mo utlwa, leihlo la hao le se ke la mo qenehela; o se ke wa mo utlwela bohloko, mme o se ke wa mo pata;