BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 13:11-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Baiseraele bohle ba tla utlwa, ba tshabe, mme ho ke ke ha hlola ho etswa bobe bo bokalo ha eno.

12. Ekare ha motseng o mong wa metse ya hao eo Jehova, Modimo wa hao, a tla o fa yona ho aha teng, o utlwa ho thwe:

13. Batho ba bolotsana ba tswile ho wena, mme ba kgelositse ba ahileng motseng wa bona, ka ho re: A re yeng, re sebeletse medimo esele eo le sa e tsebeng;

14. o tla batla o batlisise, o botsisise haholo. Ha o fumana hobane ke nnete le taba e tiileng, le hobane ho entswe manyala a kalo haeno,

15. teng o bolaye ruri ba ahileng motseng oo ka bohale ba lerumo, mme o o neele anathema, le dintho tsohle tse ho wona; esita le dikgomo tsa teng di bolawe ka bohale ba lerumo.

16. O tla bokella thepa yohle ya wona kahara lepatlelo, mme o tla tjhesetsa Jehova, Modimo wa hao, motse oo, le mesebetsi ya wona yohle, e tla nne e be qubu ya dithako kamehla, tse ke keng tsa boela tsa hahuwa.

17. Ho ke ke ha eba letho la tse neetsweng anathema le kgomarelang matsoho a hao, hore Jehova a kgutle pefong ya bohale ba hae, mme a o hauhele, a o rekolohele, mme a o atise jwalokaha a anetse bontatao,

18. ha o utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, o boloka ditaelo tsa hae tsohle, tseo ke o laelang tsona kajeno, mme o etsa se lokileng pela Jehova, Modimo wa hao.