BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 12:13-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Iponele, o se ke wa hlahisa ditjheso tsa hao nqalong tsohle tseo o tla di bona.

14. Empa o tla hlahisa ditjheso tsa hao nqalong eo Jehova a tla e kgetha lelokong le leng la heno, mme, teng o etse tsohle tseo ke o laelang tsona.

15. Leha ho le jwalo, kamehla ha o rata, o tla hlaba, o je nama menyakong ya motse o mong le o mong, kamoo ditshitso tseo Jehova, Modimo wa hao, a o neang tsona, di leng kateng; ya sa hlwekang le ya hlwekileng ba je nama eo, jwaloka hoja ho jewa tshephe le kgama.

16. Feela, le ke ke la ja madi; o mpe o a tshollele fatshe jwaloka metsi.

17. O ke ke wa ja menyakong ya metse ya hao karolo ya leshome ya koro ya hao, le ya veine ya hao e ntjha, le ya ole ya hao, le matsibolo a dikgomo tsa hao, le a dinku tsa hao, leha e le mahlabelo a dikano tsa hao, tseo o itlamang ka tsona, le dinyehelo tsa hao tsa boithatelo, le tse ntshwang ke matsoho a hao;

18. empa ke pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha, o tla ja tseo, wena, le mora wa hao, le moradi wa hao, le mohlanka wa hao e motona le e motshehadi, le Molevi ya menyakong ya hao, mme o tla nyakalla pela Jehova, Modimo wa hao, ka tsohle tseo o di ruileng ka matsoho a hao.

19. Iponele, o se ke wa lebala Molevi ka matsatsi wohle a ho phela ha hao lefatsheng la hao.

20. Etlare hobane Jehova, Modimo wa hao, a namise meedi ya hao, jwalokaha a o boleletse, leha o ka re: Ke lakatsa ho ja nama; kahobane pelo ya hao e lakaditse ho ja nama, o tle o je nama kahohle kamoo pelo ya hao e lakatsang kateng.

21. Etlare ha nqalo eo Jehova, Modimo wa hao, a tlang ho e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona e le hole le wena, o tla hlaba dikgomo le dinku tsa hao tseo Jehova, Modimo wa hao, a o neileng tsona, o hlabe kamoo ke o laetseng kateng, mme o tla ja nama menyakong ya metse ya hao, kahohle kamoo pelo ya hao e lakatsang kateng.

22. O tla di ja jwaloka hoja ho jewa tshephe le kgama; ya sa hlwekang le ya hlwekileng ba di je.

23. Feela o iponele, o se ke wa ja madi: hobane madi ke moya; ha o na ho ja moya hammoho le nama;

24. o se ke wa a ja, empa o a tshollele fatshe jwaloka metsi.

25. O se ke wa a ja, o tle o iketle, wena, le bana ba hao kamora hao, ha o ntse o etsa se lokileng pela Jehova.