BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 12:10-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Empa le se le tla tshela Jordane, mme le tla aha lefatsheng leo Jehova, Modimo wa lona, a le fang lona, e be lefa la lona; o tla le nea phomolo ka ho le namolela direng tsa lona tsohle tse ka mathokong a lona, mme le tla aha le iketlile.

11. Nqalo e tla ba teng eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona; ke moo le tla tlisa ntho tsohle tseo ke le laelang tsona, ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le tsohle tse kegthilweng tsa dikano tsa lona, tseo le di baletseng Jehova.

12. Le tla thaba pela Jehova, Modimo wa lona, lona le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona ba batona, le ba batshehadi, le Molevi ya menyakong ya lona; hobane yena ha a na kabelo le lefa jwaloka lona.

13. Iponele, o se ke wa hlahisa ditjheso tsa hao nqalong tsohle tseo o tla di bona.

14. Empa o tla hlahisa ditjheso tsa hao nqalong eo Jehova a tla e kgetha lelokong le leng la heno, mme, teng o etse tsohle tseo ke o laelang tsona.

15. Leha ho le jwalo, kamehla ha o rata, o tla hlaba, o je nama menyakong ya motse o mong le o mong, kamoo ditshitso tseo Jehova, Modimo wa hao, a o neang tsona, di leng kateng; ya sa hlwekang le ya hlwekileng ba je nama eo, jwaloka hoja ho jewa tshephe le kgama.

16. Feela, le ke ke la ja madi; o mpe o a tshollele fatshe jwaloka metsi.

17. O ke ke wa ja menyakong ya metse ya hao karolo ya leshome ya koro ya hao, le ya veine ya hao e ntjha, le ya ole ya hao, le matsibolo a dikgomo tsa hao, le a dinku tsa hao, leha e le mahlabelo a dikano tsa hao, tseo o itlamang ka tsona, le dinyehelo tsa hao tsa boithatelo, le tse ntshwang ke matsoho a hao;

18. empa ke pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha, o tla ja tseo, wena, le mora wa hao, le moradi wa hao, le mohlanka wa hao e motona le e motshehadi, le Molevi ya menyakong ya hao, mme o tla nyakalla pela Jehova, Modimo wa hao, ka tsohle tseo o di ruileng ka matsoho a hao.

19. Iponele, o se ke wa lebala Molevi ka matsatsi wohle a ho phela ha hao lefatsheng la hao.

20. Etlare hobane Jehova, Modimo wa hao, a namise meedi ya hao, jwalokaha a o boleletse, leha o ka re: Ke lakatsa ho ja nama; kahobane pelo ya hao e lakaditse ho ja nama, o tle o je nama kahohle kamoo pelo ya hao e lakatsang kateng.

21. Etlare ha nqalo eo Jehova, Modimo wa hao, a tlang ho e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona e le hole le wena, o tla hlaba dikgomo le dinku tsa hao tseo Jehova, Modimo wa hao, a o neileng tsona, o hlabe kamoo ke o laetseng kateng, mme o tla ja nama menyakong ya metse ya hao, kahohle kamoo pelo ya hao e lakatsang kateng.

22. O tla di ja jwaloka hoja ho jewa tshephe le kgama; ya sa hlwekang le ya hlwekileng ba di je.