BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 12:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke ena melao le ditaelo tseo le tshwanetseng ho hlokomela ho etsa ka tsona ka matsatsi wohle a ho phela ha lona lefatsheng leo Jehova, Modimo wa bontatao, a o neang lona, hore o le rue.

2. Le tla fedisisa nqalo tsohle tseo ditjhaba tseo le yang ho di falatsa ha tsona di sebeleditseng medimo ya tsona teng, dithabeng tse telele, le maralleng, le tlasa difate tsohle tse tala.

3. Le qhaqhe dialetare tsa tsona, le bolaye ditshiya tsa tsona, le tjhese diashera tsa tsona, le heletse ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya tsona, mme le hlakole mabitso a tsona nqalong tseo.

4. Haele Jehova, Modimo wa lona, le ke ke la mo etsa jwalo.

5. Le mpe le batle bodulo ba hae nqalong eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha hara meloko ya lona yohle ho bea lebitso la hae teng, mme o ye teng.

6. Le tla isa teng ditjheso le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le mahlabelo a dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithatelo, le matsibolo a dikgomo le a dinku tsa lona.

7. Le tla ja teng pela Jehova, Modimo wa lona, le ithabise, lona le ba matlo a lona, ka mesebetsi yohle ya matsoho a lona, eo Jehova, Modimo wa hao, a o hlohonolofaditseng ka yona.

8. Le ke ke la etsa kamoo re etsang mona kateng, kajeno, ha e mong le e mong a etsa seo a se lekanyang hore se lokile.

9. Hobane le jwale ha le eso ho kene phomolong le lefeng leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona.

10. Empa le se le tla tshela Jordane, mme le tla aha lefatsheng leo Jehova, Modimo wa lona, a le fang lona, e be lefa la lona; o tla le nea phomolo ka ho le namolela direng tsa lona tsohle tse ka mathokong a lona, mme le tla aha le iketlile.