BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 11:22-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Hobane, ekare ha le boloka hantle ditaelo tsohle tseo ke le laelang tsona kajeno ho etsa ka tsona, le rata Jehova, Modimo wa lona, le tsamaya ditseleng tsa hae kaofela, le mo kgomarela,

23. ke moo Jehova a tla falatsa pela lona ditjhaba tseno tsohle, mme le tla rua naha ya ditjhaba tse le fetisang ka bongata le ka matla.

24. Nqalo e nngwe le e nngwe e tla hatwa ke bohato ba maoto a lona, e tla ba ya lona. Meedi ya lona e tla ba ho tloha feelleng ho isa Lebanone, ho tloha nokeng ya Eufrate ho isa Lewatleng la Bophirimela.

25. Ha ho ka ke ha eba motho ya emang pela lona; Jehova, Modimo wa lona, o tla kenya letsoso la lona le tshabo ya lona naheng yohle eo le tla e hata ka maoto a lona, jwalokaha a le boleletse.

26. Bonang, kajeno ke bea hlohonolofatso le thohako pela lona;

27. hlohonolofatso ha le ka utlwa ditaelo tsa Jehova, Modimo wa lona, tseo ke le laelang tsona kajeno;

28. thohako ha le sa utlwe ditaelo tsa Jehova, Modimo wa lona, mme le kgeloha tsela eo ke le laelang yona kajeno, le latela medimo esele, eo le sa kang la e tseba, le mehla.

29. Etlare hobane Jehova, Modimo wa hao, a o kenye lefatsheng leo o yang ho le rua, o tle o bolele hlohonolofatso thabeng ya Gerisime, le thohako thabeng ya Ebale.

30. Thaba tseo, ha ke re, di mose wane, ho Jordane, kamora tsela e lebileng nqa bophirimatsatsi, naheng ya Bakanana ba ahileng lehwatateng, mabapa le Gilgale, haufi le dieike tsa More?

31. Hobane le se le ya tshela Jordane ho ya rua lefatshe leo Jehova, Modimo wa lona, a le neang lona; le tla le rua, le ahe ho lona.

32. Itiiseng, le phethe melao yohle, le ditaelo tsohle tseo ke di beang pela lona kajeno.