BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 11:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Rata ke hona Jehova, Modimo wa hao, mme o boloke ditemoso tsa hae kamehla, le melao ya hae, le dikahlolo tsa hae, le ditaelo tsa hae.

2. Hape, lemoha ditaba kajeno; hobane ha ke bue le bana ba lona ba sa kang ba tseba le ho bona kgalemelo ya Jehova, Modimo wa lona, le boholo ba hae, le letsoho la hae le matla, le letsoho la hae le otlolohileng,

3. le mehlolo ya hae, le diketso tsa hae tseo a di entseng hara Egepeta, ho Faro, morena wa Egepeta, le naheng ya hae kaofela,

4. le seo a se entseng ka makgotla a Egepeta, le ka dipere tsa bona, le ka makoloi a bona; kamoo a ba apesitseng kateng, ka metsia Lewatle le Lefubedu, mohla ba neng ba le phallela, le kamoo Jehova a ba timeditseng kateng, ho fihlela la kajeno;

5. le seo a se etseditseng lona, lefeelleng leo, ho isa nakong eo le fihlileng sebakeng sena ka yona;

6. le seo a se entseng Dathane le Abirame, bara ba Eliabe, mora Rubene, kamoo lefatshe le ahlamisitseng molomo wa lona, la ba metsa le ba matlo a bona, le ditente tsa bona, le dintho tsohle tsa bona, ba le hara Baiseraele kaofela.

7. Hobane mahlo a lona a bone diketso tsohle tse kgolo tseo Jehova a di entseng.

8. Bolokang ditaelo tsohle tseo ke o laelang tsona kajeno, le tle le be matla, mme le kene, le hape lefatshe leo le yang ho le rua;

9. mme le atise matsatsi a lona lefatsheng le kollang lebese le dinotshi, leo Jehova a anetseng bontata lona hore o tla le fa bona le ditloholo tsa bona.

10. Hobane naha eo o yang ho kena ho yona ho e rua, hase naha e tshwanang le ya Egepeta, eo le tswileng ho yona, moo o neng o jala peo ya hao, le moo o neng o nosetsa masimo a hao ka maoto a hao, jwalokaha ho nosetswa tshimo ya meroho.

11. Naha eo le yang ho e rua, ke naha ya dithaba, le ya dikgutlo, e nosetswang ke metsi a pula ya lehodimo.

12. Ke naha eo Jehova, Modimo wa hao, a e baballang, eo mahlo a Jehova, Modimo wa hao, a e tadimang kamehla, ho qala ha selemo se thwasa, ho isa ha selemo se fela.

13. Etlare ha le mamedisisa ditaelo tsa ka tseo ke le laelang tsona kajeno, ha le rata Jehova, Modimo wa lona, le mo sebeletsa ka dipelo tsa lona tsohle, le ka meya ya lona yohle,

14. ke tla nesetsa naha ya lona pula, nakong e tshwanelehang, pula ya tsheola le pula ya hwetla, o tle o kotule koro ya hao, le veine e ntjha ya hao, le ole ya hao.