BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 10:8-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Mohlang oo, Jehova a kgetha leloko la Levi ho jara areka ya selekane sa Jehova, le ho ema pela Jehova, le ho mo sebeletsa, le ho hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la hae, ho fihlela la kajeno.

9. Ke ka baka leo Levi a se nang karolo, leha e le lefa, le banababo; Jehova ke yena e leng lefa la hae, jwalokaha Jehova, Modimo wa hao, a mmoleletse.)

10. Haele nna, ka hlola thabeng matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, jwaloka mohla pele. Jehova a boela a nkutlwa le mohlang oo; mme Jehova ha a ka a rata ho o timetsa.

11. Yaba Jehova o re ho nna: Ema o tsamaye, o etelle setjhaba pele, hore ba kene lefatsheng leo ke anetseng bontata bona hore ke tla ba fa lona, ba le rue.

12. Mme jwale, Iseraele, Jehova, Modimo wa hao, o batlang ho wena, haese hore o tshabe Jehova, Modimo wa hao, o tsamaye tseleng tsa hae tsohle, o mo rate, mme o sebeletse Jehova, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle,

13. o boloke ditaelo tsa Jehova, le melao ya hae eo ke o laelang yona kajeno, hore o be o iketle?

14. Bona, mahodimo le mahodimo a mahodimo ke a Jehova, Modimo wa hao, le lona lefatshe le dintho tsohle tse ho lona.

15. Jehova o kgomaretse bontatao ba nnotshi hore a ba rate, mme kamora bona, o kgethile ditloholo tsa bona, ke ho re lona, hara ditjhaba tsohle, kamoo ho leng kateng le kajeno.

16. Ha ho le jwalo, bolotsang dipelo tsa lona, mme le se ke la hlola le satalatsa melala ya lona.

17. Hobane, Jehova, Modimo wa lona, ke Modimo wa medimo, le Morena wa marena, Modimo o moholo, o matla, o tshabehang, o sa tadimeng tshobotsi ya motho, o sa amoheleng dimpho,

18. o ahlolelang kgutsana le mosadi wa mohlolohadi, o ratang moditjhaba, o mo neang dijo le diaparo.

19. Le lona, ratang moditjhaba, etswe le bile baditjhaba naheng ya Egepeta.

20. Tshaba Jehova, Modimo wa hao, o mo sebeletse, o mo kgomarele, mme o ane ka lebitso la hae.

21. Ke yena e leng letlotlo la hao, ke yena e leng Modimo wa hao, o o etseditseng ntho tse kgolo tsena, tse tshabehang, tseo mahlo a hao a di boneng.

22. Bontatao ba ne ba theohetse Egepeta, ba le mashome a supileng, mme jwale Jehova, Modimo wa hao, o o atisitse, o bile o o entse bongata bo ka ka dinaledi tsa lehodimo.