BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 10:2-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Ke tla ngola matlapeng ao mantswe a neng a ngodilwe matlapeng a pele ao o a bolaileng, mme o tla a kenya arekeng.

3. Yaba ke etsa areka ya sefate sa leoka, ka betla matlapa a mabedi a kang a pele; ka nyolohela thabeng ke tshwere matlapa a mabedi matsohong a ka.

4. Jehova a ngola matlapeng seo a neng a se ngodile pele, mantswe a leshome ao Jehova a neng a le boleletse wona, a le thabeng, hara mollo, la letsatsi la phutheho; mme Jehova a nnea matlapa ao.

5. Ka kgutla, ka theoha thabeng, ka bea matlapa arekeng eo ke e entseng, mme a dula teng jwalokaha Jehova a ne a ntaetse.

6. (Yaba bana ba Iseraele ba tloha Beerothe-Bene-Jaakane, ba ya Mosera; ke moo Aarone a shwetseng teng, a ba a patwa teng; mme Eleasare, mora wa hae, ya eba yena moprista tulong tsa hae.

7. Ba ntoo tloha teng, ba tla Gudegoda; ha ba tloha Gudegoda, ba ya Jothbatha, e leng naha ya melapo.

8. Mohlang oo, Jehova a kgetha leloko la Levi ho jara areka ya selekane sa Jehova, le ho ema pela Jehova, le ho mo sebeletsa, le ho hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la hae, ho fihlela la kajeno.

9. Ke ka baka leo Levi a se nang karolo, leha e le lefa, le banababo; Jehova ke yena e leng lefa la hae, jwalokaha Jehova, Modimo wa hao, a mmoleletse.)

10. Haele nna, ka hlola thabeng matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, jwaloka mohla pele. Jehova a boela a nkutlwa le mohlang oo; mme Jehova ha a ka a rata ho o timetsa.