BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 10:15-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Jehova o kgomaretse bontatao ba nnotshi hore a ba rate, mme kamora bona, o kgethile ditloholo tsa bona, ke ho re lona, hara ditjhaba tsohle, kamoo ho leng kateng le kajeno.

16. Ha ho le jwalo, bolotsang dipelo tsa lona, mme le se ke la hlola le satalatsa melala ya lona.

17. Hobane, Jehova, Modimo wa lona, ke Modimo wa medimo, le Morena wa marena, Modimo o moholo, o matla, o tshabehang, o sa tadimeng tshobotsi ya motho, o sa amoheleng dimpho,

18. o ahlolelang kgutsana le mosadi wa mohlolohadi, o ratang moditjhaba, o mo neang dijo le diaparo.

19. Le lona, ratang moditjhaba, etswe le bile baditjhaba naheng ya Egepeta.

20. Tshaba Jehova, Modimo wa hao, o mo sebeletse, o mo kgomarele, mme o ane ka lebitso la hae.

21. Ke yena e leng letlotlo la hao, ke yena e leng Modimo wa hao, o o etseditseng ntho tse kgolo tsena, tse tshabehang, tseo mahlo a hao a di boneng.

22. Bontatao ba ne ba theohetse Egepeta, ba le mashome a supileng, mme jwale Jehova, Modimo wa hao, o o atisitse, o bile o o entse bongata bo ka ka dinaledi tsa lehodimo.