BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 1:41-46 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

41. Yaba le a mphetola, la re ho nna: Re sitetswe Jehova. Re tla nyoloha, re lwane kahohle kamoo Jehova, Modimo wa rona, a re laetseng kateng. La nka dibetsa tsa lona, mme la phehella ho nyolohela thabeng.

42. Jehova a re ho nna: E re ho bona: Le ke ke la nyoloha, mme le ke ke la lwana, hobane ha ke yo hara lona; le se ke la ya hlolwa ke dira tsa lona.

43. Ka le bolella jwalo, la mpa la hana ho utlwa; la ikgantshetsa taelo ya Jehova; la etsa ka boikgohomoso, mme la nyolohela thabeng.

44. Baamore ba neng ba ahile thabeng eo, ba le kgahlanyetsa, ba le phallela jwaloka hoja ke dinotshi, mme a le hlola Seire, ho ya fihla Horma.

45. La kgutla, la lla pela Jehova, empa Jehova a hana ho utlwa mantswe a lona le ho le sekehela tsebe.

46. Ke ha le tla hlola Kadeshe tshiu tse ngata, e leng tshiu tseo le nnileng la di hlola teng.