BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 1:33-43 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

33. ya neng a ntse a le etella pele tseleng ho le batlela dibaka tseo le tla emisa ho tsona, bosiu a le bonesetse ka mollo tsela ya lona eo le neng le tshwanetse ho ya ka yona, mme motshehare a le tsamaise ka leru.

34. Jehova a utlwa modumo wa dipolelo tsa lona, a halefa, a hlapanya, a re:

35. Ha ho le a mong wa banna ba mofuta oo o mobe ya tlang ho bona lefatshe le molemo leo ke anneng, ka re, ke tla le nea bontata lona,

36. haese Kalebe, mora Jefunne. Yena o tla le bona, mme ke tla nea yena le bara ba hae lefatshe leo a le hatileng ka maoto, hobane o tiiseditse ho latela Jehova kahohle.

37. Le nna, Jehova a nkgalefela ka baka la lona, a re: Le wena o ke ke wa kena teng.

38. Ya tla kena ke Joshua, mora Nune, ya emang pela hao. Mo kgothatse, etswe e le yena ya tla ruisa bana ba Iseraele lefatshe lena.

39. Bana ba banyenyane ba lona, bao le neng le re, ba tla hapuwa, le bana ba lona ba sa tsebeng botle leha e le bobe kajeno lena, bona ba tla kena, ke tla nea bona lefatshe, mme ke bona ba tla le rua.

40. Haele lona, kgutlang le boele le tsamaye feelleng, ka tsela ya Lewatle le Lefubedu.

41. Yaba le a mphetola, la re ho nna: Re sitetswe Jehova. Re tla nyoloha, re lwane kahohle kamoo Jehova, Modimo wa rona, a re laetseng kateng. La nka dibetsa tsa lona, mme la phehella ho nyolohela thabeng.

42. Jehova a re ho nna: E re ho bona: Le ke ke la nyoloha, mme le ke ke la lwana, hobane ha ke yo hara lona; le se ke la ya hlolwa ke dira tsa lona.

43. Ka le bolella jwalo, la mpa la hana ho utlwa; la ikgantshetsa taelo ya Jehova; la etsa ka boikgohomoso, mme la nyolohela thabeng.