BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 1:22-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. La tla ho nna bohle, la re: A re romeng batho, ba re etelle pele, ba ye ho re hlwella lefatshe, ba re tlisetse taba tsa tsela eo re tla nyoloha ka yona, le tsa metse eo re tla fihla ho yona.

23. Ka dumela taba eo, ka kgetha banna ba leshome le metso e mmedi hara lona, e mong lelokong le leng le le leng.

24. Yaba ba tloha, ba nyolohela thabeng, ba fihla kgohlong ya Eshkole, mme ba hlwela naha.

25. Ba nka ditholwana tsa naha eo matsohong a bona, ba re tlisetsa tsona, mme ba re tsebisa, ba re: E molemo, naha eo Jehova, Modimo wa rona, a re fang yona.

26. La mpa la hana ho nyoloha, la ikgantshetsa taelo ya Jehova, Modimo wa lona;

27. la ngangella ditenteng tsa lona, la re: Ke kahobane Jehova o re hloile a re ntshitseng lefatsheng la Egepeta, ho tla re neela matsohong a Baamore, hore ba tle ba re timetse.

28. Re tla nyolohela kae? Banababo rona ba re nyahamisitse dipelo, ha ba itse: Ke setjhaba se re fetang ka bongata le ka boemo bo bolelele; ke metse e meholo e haheleditseng ka marako a fihlang lehodimong; re bone bana ba Anake teng.

29. Empa nna ka re ho lona: Le se ke la tshoha, mme le se ke la ba tshaba.

30. Jehova, Modimo wa lona, ya le eteletseng pele, yena ka sebele o tla le lwanela, jwalokaha a se a entse pontsheng ya lona Egepeta,

31. le lefeelleng leo o le boneng, e leng moo Jehova, Modimo wa hao, a o pepileng, jwaloka monna ha a pepile mora wa hae, tseleng yohle eo le tsamaileng ka yona ho tlisa ho fihleng ha lona bakeng sena.

32. Leha ho le jwalo, ha le a ka la tshepa Jehova, Modimo wa lona,

33. ya neng a ntse a le etella pele tseleng ho le batlela dibaka tseo le tla emisa ho tsona, bosiu a le bonesetse ka mollo tsela ya lona eo le neng le tshwanetse ho ya ka yona, mme motshehare a le tsamaise ka leru.

34. Jehova a utlwa modumo wa dipolelo tsa lona, a halefa, a hlapanya, a re:

35. Ha ho le a mong wa banna ba mofuta oo o mobe ya tlang ho bona lefatshe le molemo leo ke anneng, ka re, ke tla le nea bontata lona,